SST65-0221M Lenyalo Le Hlalo VGR

Transcription

SST65-0221M Lenyalo Le Hlalo VGR
,%.9!,/, %(,!,/
` A re inamiseng dihlooho tsa rona motsotsong wa thapelo.
Ramehauhelo, re O leboha hoseng hona ka monyetla wa
ho ba ka hara odotoriamo ena mona, re tobane le sephetho sa
letsatsi. Empa ha re tsebe seo letsatsi le se fupereng, re mpa re
tseba Ya fupereng letsatsi. Ka baka leo re rapela hore Eo Ya
tshwereng letsatsi la kajeno le la hosane, le bo sa Feleng bohle,
a tle a re hlohonolofatse kajeno re sa phuthehile hammoho
ka Lebitso la Hae, re tle re tsebe haholwanyane kamoo re
ka phelelang ho Mo sebeletsa. Ena ke tabatabelo ya rona e
tletseng, Ntate. Modimo, O tseba dipelo tsa rona, o tseba hoba
hona ke nnete. Re inehela ho Wena, hammoho le e—e karolo e
latelang ya letsatsi, bakeng sa tshebeletso ho Wena, Lebitsong
la Jesu Kreste. Amen.
2
Dulang fatshe. [Moena Branham o re ho motho e mong
kalaneng, “Ke a leboha. O mong ke wona.”—Mong.]
3
Madume, letshweleng le bonwang le letshweleng le
sa bonweng ho phatlalla le setjhaba moo re hokantsweng
teng hoseng hona. Hona ho mpha monyetla o moholo ho tla
mona le ho bua ka temana ena e bohlokwa hoseng hona.
Ho letshwele le bonwang, e batla e le ntho e ferekanyang
hanyenyane, hoba ho na le dikgaretene ka pela ka feela, ka
baka leo ke loketse ho bua ho le letona le ho le letshehadi.
Mme ho letshwele le sa bonweng, holo e kgolo e letsohong le
letona la ka, le jimonasiamo e ka letsohong la ka le letshehadi
hape; mme ke hodima fuluru, digaretene di butswe dipakeng,
tse etsang letsoho la ka le letona le le letshehadi. Mme re a
phophoma, hoseng hona, ho ya tswella kwana holong e kgolo,
le jimonasiamong hape, le kerekeng hape, tlase kerekeng
Seterateng sa Eighth le Penn. Mme dibakeng tse phophomang,
morero wa fonofono o romella dibakeng tse ding.
4
Re bile le nako e babatsehang ho Morena, mme re tlasa
ditebello tse kgolo tsa tshebeletso ena hoseng hona. Mme jwale
bosiung bona kaha e le nako ya ho kwala letsholo lena la
matsatsi a mane, kgele, ruri re mema bohle, ba ka kgonang, ho
ba mona. Re tshepa ha Morena a tla re nea sehlohlolo se seholo
bosiung bona ka ho etsa ntho e nngwe e tsotehang haholo,
hoo A tla fodisa bakudi le ho etsa dintho tse kgolo tseo A
yeng a di etse ka tlwaelo. Mme re tlasa ditebello tse kgolo tsa
mantsiboya. Batho bohle ba mengwa, motho e mong le e mong,
kereke ka nngwe ya bodumedi ka bong. Ha le a lokela le ho ba
Mokreste; ruri re mema baetsadibe ho kena, ho dula hara rona.
Mme re sebetsa ka bokgoni ba rona bo fetisisang ho ba ruta seo
e leng tsela ya Morena, re tle re phele teng.
2
LENTSWE LE BUILWENG
5
Jwale ke a tshepa hore letshwele le ke ke la ferekana. Mme
ke tshepetse ho Modimo hore nke ke ka ferekana, hoba ke bile
le bosiu bo tsotehang, kgatello e ngata. Hoba ke a elellwa hore
dintho tseo ke di buang hoseng hona di tla bewa kgahlano le
nna Tsatsing la Kahlolo, mme ha ke—ke a kgona ho robala,
mme ke a tseba hore ha ke sa di bolele di tla balwa kgahlano le
nna Tsatsing la Kahlolo. Ka baka leo ke bothata, ha o kgone ho
e hlalosa.
6
Mme jwale hoseng hona ke sehlooho seo se seholo seo re
batlang ho qoqa ka sona Lenyalo Le Hlalo. Mme lebaka leo ke
entseng sekolo sa Sontaha, ke hore re tle re bue ka sona mme
re nke nako ya rona, ho ena le ho rera thero ka sona. Ke thuto
e tswang Lengolong.
7
Mme ke—ke batla ho bolela hore, ha moruti kapa baruti
bafe, tulong efe feela, ha teipi ena e ka wela matsohong a bona,
ha eba re lokolla teipi ena. Ha ke tsebe hore kereke e tla etsang
ka yona. Ke kopa Moena Fred ho bonana le lekgotla la kereke
pele a lokolla teipi ena. Mme ho lona batho ho phatlalla le
setjhaba, ba tjheileng dihatisi, le se lokolle teipi pele le utlwile
ka Moena Sothmann mabapi le yona.
8
Jwale, ha e ka lokollwa, mme mang feela wa baena ba
ka ba baruti, kapa Mokreste ofe feela sebakeng sefe, ya sa
tlo dumellana le dintho tseo ke di buang ka temana ena,
ke—ke tshepa hore o ke ke wa E nyatsa. Ha o sa E utlwisise
kamoo ke E rutang kateng, be, o na le tokelo ya hono, jwaloka
moruti, jwaloka modisa. Mme ke hlompha ntho efe feela eo o e
dumelang.
9
Mme ho na le mehopolo e mmedi e meholo ya sena. Mme
ha dipotso tse pedi di le teng, e nngwe ya tsona e ka kgona e
nepahale, kapa hoseng jwalo e lokileng ha e yo hara tsona. Ka
baka leo re tla leka ho sheba Lentswe la Modimo, hoseng hona,
ho otlolla taba ena. Ho nna, ha e le potso ya Bibele, ruri Bibele
e na le karabo ya yona.
10
Mme jwale pele re tshwarana le dintho tsena, ho qala
temana ena, ke rialo, pele ke rapella Lentswe, ke batla ho
hlalosetsa e mong le e mong wa lona, hore ke^lona Bakreste
haholo, hore ke lakatsa^ke—ke batla hore le nthapelle
hoseng hona. Mme lona bohle kantle kwana letshweleng le
sa bonweng le mametseng hoseng hona, le nthapelle, hoba ke
batla ho tshepahala mme ke be le nnete.
11
Jwale re a lemoha, ha re bolela mantswe ana, motho e
mong, haele motho a le mong feela, o tla itshwarella ka Yona
jwaloka hoja E le pakeng tsa bophelo le lefu. Ho na le ba
bangata ba lona mona ba tla tloha ba dumela. Hoba, bongata
ba lona, mohlomong, bo ke ke ba etsa jwalo. Empa ke a tseba,
hore thutong ya ka, ho na le batho ba yeng ba tle ho mmamela,
mme ba utlwe seo ke se buang; ho tswa, e, ba dutse hantle
LENYALO LE HLALO
3
mona hoseng hona, matjhabeng, ho tswa boholong ba United
States, Canada, le mose ho mawatle. Mme le ka nahana hore
kgatello e hodima motho e kae, ho tseba hore phello e sa Feleng
ya motho eo e beilwe matsohong a hao, hoba o tla itshwarella
ka seo o se buang. Ka hona Modimo o tla ntjarisa boikarabelo,
mme ke batla ho atamela sena ka botshepehi kamoo nka
kgonang.
12
Jwale ke—ke kopa bokgaitsedi ba rona. Mme ke fetotse a
mang a mantswe hore ke tle ke a bue pontsheng ya bona. Billy
o kentse mokotleng wa hae, hoseng hona, kantle mono, tse ding
tsa dintho tse neng di ke ke tsa buuwa pela e—e letshwele le
kopa–kopaneng. Mme a mang ao mohlomong ke tla a bua, le
tshwanetse ho utlwisisa. Le a nke a tswa—a tswa ho moena wa
lona, ka bokgoni boo ke bo tsebang. Le ye le dule ofising ya
ngaka mme le mo mamele, o tla lokela ho bua le lona puo pha.
Mme ba bang ba lona mafumahadi a matjha le bahlankana, ha
ke batle ha le fihlelwa ke tshekamelo e phoso. Ke batla hore le
dumele, mme le dule le itholetse. Hopolang, Nnete e loketse ho
hlahiswa e le Nnete.
13
Mme, jwale, ntle le pelaelo bongata bo teng bo tla hanana
le se tla buuwa, empa ke batla ho le pakela yona ka Bibele.
Mme ke a kgolwa he, ha le ka ba le mamello mme la mamela,
jwale ke moo le tla utlwisisa hantlenyana le moelelo wa seo ke
nnileng ka se ruthutha, ho tla jwalo. Ke dumela hore sena se
tla e hlalosa, mme tshepile se tla etsa hoo.
14
Jwale re ka tshoha re ya haleleletsana, hora le halofo, kapa
mohlomong ho feta, tabeng ena. Ha ke tsebe o tla nka nako e
kae.
15
Mme jwale hape, ke rata ho bolela, hore nakong ena, hore,
ka ho tseba batho ba itshwarella mantsweng a hao; ba etsa
jwalo, ho modisa wa bona. Mme, ehlile, ke bile modisa.
16
Mme ba itshwarella mantsweng a modisa, eka hoja e le
pakeng tsa lefu le bophelo. Ba itshwarella mantsweng a
moprista wa bona, eka hoja e le lefu le bophelo. Mme ehlile,
modisa, ka tsohle tseo a tsebang ho di etsa, o ruta batho ba hae
kamoo a rutilweng kateng kholesheng; ntle le pelaelo moprista,
le yena, borapeding bo fapaneng bo sebedisang le baprista.
Hoba, ka nepo modisa ke moprista; ke moemedi. Ka hona,
ha moprista, hodima tsohle tseo a di rutwang, kholesheng
le dimonastering, monna eo o bolela seo a se rutilweng ka
botshepehi hantle feela.
17
Be, jwale he, ha ke na boitsebeleo ba kholeshe kapa
boitsebelo ba monasteri, mme ha ke na le letho kgahlano le
yona ho hang, empa ke na le bophelo bo hlollang haholo.
18
Ke bitsitswe ke sa le moshanyana feela. Mme tabeng ena
ka fuwa pontsho e hlakileng, e ena le lentswe, e—e Topallo ya
Mollo e lopaletseng sehlahleng, dilemong tse supileng, hantle
4
LENTSWE LE BUILWENG
mona Utika Pike. Ntate o ne a sebeletsa Mong. O. H. Wathen
ya sa tswa hlokahala haufi. Mme le badile buka, le tseba pale
eo. Mme ho tloha mohlang oo^Ya nto hlaha tlase nokeng ya
hlaha pontsheng ya batho. Mme jwale setshwantsho sa Yona
se katladitswe, hangata, mme se leketlile Washington, D.C.,
se sireleditswe ho qopitswa, mono Religious Hall of Art, e le
bona feela Boleng bo kahodima tlholeho bo kileng ba pakwa
bo fotilwe ke mahlale; yona Topallo eo ya Mollo, kamoo e
bonahalang mokgweng o mong le o mong, yona e ntshitseng
Iseraele Egepeta. Ke dumela hore Ke Jesu Kreste ka sebopeho
sa Moya, lekgatheng la Modimo la Mora.
19
Hoba O bitsitswe “Mora motho” mohla A na a fihla pele,
jwale O bitswa “Mora Modimo,” dilemong tse Sekete E tla ba
“Mora Davida.” O tlile e le Mora motho, moporofeta, kamoo
A neng a boletswe; jwale ke Mora Modimo, hodima tlholeho;
dilemong tse kgolo tse Sekete tse tlang, E tla ba Mora Davida,
a dutse teroneng ya Davida. Jwaloka ha babadi bohle ba Bibele
ba tseba eo e le tshepiso e Kgethehileng ho Modimo, ho Davida,
O ne a tla hlahisa Mora wa Hae ho dula teroneng ya hae.
20
Mme jwale thutong e mokgelo, e mohlolo, ke nnile ka
rewa ntho e nngwe le e nngwe ho qala ho “Modimo” ho ya ho
“diabolosi.” Mme hono, feela hoo ho jwalo kamehla.
21
Ke seo moarekabishopo wa kereke ya Katolike a
mpoleletseng sona phirimana e nngwe tlase mono, moo puisano
e ne e tshwaretswe teng, moo a itseng, “Moena Branham,
Johanne Mokolobetsi o itsebahaditse ka ho hlaka Mangolong,
jwaloka ha moporofeta Esaia a boletse.” A re, “Thuto ya hao e
itsebahaditse e hlakile ho Kereke.” A re, “Maluthere a kahara
Bibele.” A re, “Maluthere a tsebile Luthere. Wesele o tseba
Wesele. Empa ho thweng ka Mapentekosta?” Ho re, “Ba ya
phaphatheha. Ha ba tsebe moo ba yang teng.”
Mme ka re, “Monghadi, ke ananela seo.”
Mme ke ka yona nako eo Moya o nong o tsholohela hodima
mofumahadi, a eso mpone, mosadi wa hae^mme a bua a
pepesa tsona dintho tseo.
22
23
Jwale, ka ho tshepahala, pela Molaetsa wona oo ke o buang
hoseng hona, ha ke tsebe. Ka re ho yena, ka re, “Monghadi, nke
ke ka rialo. Ke ntho e kgolohadi ho rialo. E ka re ke yona.”
Ntho e le nngwe eo ke e tsebang, ke hore ntho e nngwe e
etsahetse, ruri. Dintho tsena tsohle, feela, di pakilwe ho latela
mahlale, le ho pakwa ho potoloha le ho potoloha lefatshe, e
ke ke ya ba kgopolotaba feela. Ke Nnete. Ke eng? A nke ke
bolele, e le maipolelo, pele ke bua le lona hoseng hona, ha ke
tsebe. Mme nke ke ka iteta sefuba ho nka kgato efe feela pele
ke utlwile ho Yena ya buileng le nna nakong e fetileng mme a
mpolella dintho tsena.
24
LENYALO LE HLALO
5
25
Hopolang, Morena wa rona Jesu Kreste le ka mohla ha A
ka a Itsebisa e le Mora Modimo. O itse, “Le itse Ke yena; Ke
tswaletswe hona,” le jwalo–jwalo, empa ha A ka Itsebisa le ka
mohla.
26
Mme, jwale, eo e ne e le Topallo ya Mollo e eteletseng bana
ba Iseraele pele, e ne e le Morena Jesu Kreste ka sebopeho sa
Moya, (le a e dumela?) Logos e tswileng ho Modimo. [Phutheho
e re, “Amen.”—Mong.]
27
Mme hape mohla A na le lefatsheng, O itse, “Ke tswa ho
Modimo, mme Ke ya ho Modimo.” Bohle re tseba hono.
28
Mme ka mora lefu la Hae, kepelo, le tsoho. Saule wa Tarese
o na le tseleng ya hae e theohelang Damaseka, ho hlorisa e—
e Bakreste, hoba ba ne ba ruta dintho tse kgahlano le tseo
ba di rutilweng. Mme e ne e le mohlabani e moholo; tlasa
Gamaliele, e mong wa baruti ba hlahileng ka mahetla ba
letsatsi, sekolong sa bona, monastering wa bona; le monna e
moholo, le ofisiri ya kereke. Mme e ne e le hona moo Lesedi
le leholo, Topallo ya Mollo hape, e ileng ya mo dihela fatshe,
hara mpa ya motshehare. Mme Lentswe la re, “Saule, Saule, o
Ntlhorisetsang na?”
29
Jwale ha le ka elellwa eitse ha Paulose, Saule, a tsoha,
o ile a re, “O Mang, Morena?” Jwale, moshanyana, ka ho ba
Mojode, ruri a ka be a sa bitsa ntho efe feela, hola e sa tshwane
le Modimo, akabe a sa e bitsa “Morena.” Ka baka leo, E ne e le
yona Topallo eo ya Mollo.
30
Jwaloka ha Jesu a boletse, “Ke ya ho Modimo. Ke tswa ho
Modimo, mme Ke ya ho Modimo.”
31
Ke eo moo A na le teng, a boetse a kgutletse sebopehong sa
Topallo ya Mollo; A re, “Ke Nna Jesu eo o Mo hlorisang; mme
ho thata ho wena ho raha ditsenene.”
32
Mme re a elellwa hore ha Moapostola Petrose, eo dinotlolo
tsa ho haha Kereke di filweng yena, re mo fihlela teronkong,
mme yona Topallo ena ya Mollo ya phunyeletsa ditshiya, ya
bula menyako ya teronko, mme ya ntshetsa Petrose kantle, ka
mohlolo, e sa hlophe molebedi. Ho nna, Ke Jesu Kreste yena
maobane, kajeno, le ka ho sa feleng.
33
Mme hape le ye le tsebe ntho ka semelo sa yona. Ntho
e nngwe le e nngwe e tsejwa ka semelo sa yona, tholwana e
bewang ke yona. Mme ke le kopa ho sheba tholwana e bewang
ke Yona, Lesedi lena e leng Modimo, hoba kamehla le kgutlela
Lentsweng la Modimo, mme le paka Lentswe la Modimo, le
rera Lentswe la Modimo, mme Modimo o paka Lentswe leo
ka ntho tse tshwarehang mahlong a lona. Ntho e nngwe e
tshwanetse e be e le teng ka morao Lona.
34
Batho ba mpitsitse moporofeta. Ha ke ipitse moporofeta
wa letho, hoba nke ke ka iteta sefuba ho rialo, empa ke na
6
LENTSWE LE BUILWENG
le^Be, nka bolela sena, Morena o ntumeletse ho bona dintho
esale pele, ho bolela dintho tse etsahetseng, tse tla etsahala,
tse etsahalang, mme le ka mohla o le mong ha eso fanye,
makgetlong a mashome a dikete. Ntho e nngwe le e nngwe eo A
itseng e tla hlaha, e ile ya hlaha. Re tseba hoo bohle. Ha ho ena
le motho letshweleng lena le bonahalang hoseng hona, kapa
tulong efe feela, a ka bolelang mohla e kileng ya fanya hang, o
lokolohile ho ema le ho rialo. Empa ha motho e mong le e mong
a tseba hore nako e nngwe le e nngwe, makgetlong a dikete,
esale e nepile ka ho phethahala, e reng, “amen.” [Phutheho
e re, “Amen!”—Mong.] Le a bona? Ka hona e tla ba ntho e
tshwanang lefatshe ho pota.
35
Ntho e nngwe e mothating wa ho etsahala. Modimo ha o ke
o romela dintho tsena morero o le siyo.
36
Ke ne ke ntse ke nahane mona feela. Ke beile ntho
ena mona, e nngwe ya dintlha tsa ka. Hore hoseng hona,
ke tlamme sete ya ditalama tsa matsoho^Mme bongata
ba lona le utlwetse ka kgalala ena ya ditshwantsho,
Jane Russell, mme mmae ke Mopentekosta; mme Danny
Henry ke motswalae, motswalae wa hae wa pele, ngwana
mmangwanae. E ne e le Mobaptise. O ne a eme sebokeng,
sebokeng sa Borakgwebo mane Los Angeles, California,
dilemo tse pedi tse fetileng.
37
Mme ke sa tswa qeta ho bua mantswe a maholo, a matla,
a thata; hoo esita le mookamedi, e mong wa baokamedi ba
akakaretsang ba Assemblies of God, a bileng a theohela
kalaneng a tswa hodimo seotlwanamoyeng moo a na a dutse
teng, mme a re, “Ha ke kgolwe hore Moena Branham o ne a
hlile a rialo.”
38
Ka re, “Ke loketse ho rialo, monghadi. Ke HO RIALO
MORENA.” Mme, jwale he, e ne e amana le kereke
mongwaheng wona.
39
Mme nakong yona eo, mohlankanyana enwa e leng
rakgwebo^Moenae o kwana^o ne a le mono a nka
ditshwantsho tsa thelebishene hoseng hoo, moenae e mong
ke—ke molaodi wa tsela wa naha wa California. Mme Danny
Henry a tla kapele hoba kopano e tswe, hodima kalana, ka
mokgwa wona, moo banna kaofela ba ne ba dutse teng, a
tla jwalo ho nkopela ka matsoho a hae. Mme a bua mantswe
ana, “Moena Branham, ke a tshepa hore sena ha e ke ho
thunthetsa borapedi, empa,” ho re, “eo ekaba kgaolo ya 23 ya
Tshenolo.” Athe, dikgaolo tsa Tsenolo di mashome a mabedi
a metso e mmedi. A re, “Ke tshepa e sa ke ho thunthetsa
borapedi.” A sa tswa rialo^Jwale, moshanyana e ne e le
Mobaptise, mme a sa tsebe letho ka dintho tse kahodima
tlhaho. Matsoho a hae a ne a nkopetse, mme a qala a bua
puo e sa tsejweng.
LENYALO LE HLALO
7
40
Mme hoba a qete ho bua puo e sa tsejweng, ha ba le e—e
mosadi ya dithohadi, a le mmala o rothofetseng a dutse ka
pela ka hantle, a ema, ho re, “Taba eo ha e hloke ho hlaloswa.”
A re, “Ke tswa Shreveport, Louisana; kapa Batona Rouge,
Louisana.” Ho re, “Ke Sefora hantle.”
41
Victor Le Dioux, eo e neng e le monna wa Lefora, le yena a
dutse mono, a re, “Ruri, ke Lefora le nna, mme e ne e le Sefora
hantle.”
42
Ka re, “Be butle. Wena o ngole seo a se buileng fatshe, le
wena o ngole seo a se buileng, pele o bua letho. Ngola seo o
se buang, mme a re boneng dintlha tsa lona.” Mme ka hona
e mong a ngola fatshe, mme e mong a ngola fatshe, esita le
matshwao a ne a tshwana.
43
Mme hape nakong e kang eo, ha ba tlisa dintlha tsa bona,
moshanyana e motle, mohlankanyana ya moriri o mosehla a tla
a tswa morao. Teng, ho se moo a na a ka dula teng; o na eme
ka morao. A tla a tsamaya, a re, “Be butleng, le nna, ke batla
ho hlahisa ntlha.” A re, “Ke toloko ya Sefora ya U.N., United
Nations.” A re, “Ke rata ho siya ntlha ya ka.”
44
Mme, mona, dintlha tseo boraro ba tsona di tshwana
hantle, tsa Sefora. Mme e baleha tjena. Tsena ke dintlha tsa
mantlha tse nkilweng, ntlha e qotsitsweng hantle. Ena ke
taba ya Danny, ka sebele, a neng a e kentse mokotlaneng wa
hae. Hoba, e ile ya kenngwa ho Borakgwebo ba Bakreste, le
dinthong tse jwalo.
Erekaha o kgethile tsela e tshesane, mokgwa o
boima; o tsamaile ka boikgethelo ba hao.
Efela o nkile qeto ya nnete e nepahetseng, mme ke
Tsela ya Ka.
Ka baka la qeto ena ya motsotswana, kabelo e kgolo
ya Lehodimo e o emetse.
Ke qeto e tlotlehang hakakang eo o e entseng!
Ena ke yona ntho e tla phetha le ho hlahisa tlholo e
kgolo BoModimo leratong.
45
Jwale, monna o ngotse lebitso la hae mona. “Taba e
kahodimo e tolokilwe ke, ya Danny Henry ha a ne a porofeta
Moena Branham, e hlahileng ka dipaki tse tharo kahara khefi
ya Los Angeles, California.”
46
Jwale, yena mohlankanyana enwa ya hlahisitseng seporofeto
sena, o ne a sa tsebe seo a se buang, o ne a le Jerusalema nako e ka
etsang kgwedi e fetileng. A fuwa monyetla wa ho tswa le—le ho
robala kahara lebitla moo Jesu a shweleng mme a patilweng teng.
Mme yare a sa robetse mono, a re o ile a nkgopola ka matla mme a
qala a lla. Ho re, “Kamoo ho bileng thata ho Moena Branham ho
ema kgahlano le lefatshe le dintho tsena, le dikereke tsohle!”
8
LENTSWE LE BUILWENG
47
Jwaloka ha ho—ho boletswe tsatsi le leng, malebana le
seabo sa Billy Graham, ho re, “Billy Graham re a mmona, hoba
dikereke tsohle di kopane mmoho bakeng sa hae. Re bona Oral
Roberts, Mapentekosta. Empa re ka e fumana kae ntho le ka
mohla, hodima E le kgahlano le seo batho ba se rutilweng?” Ke
Modimo.
48
Mme, Danny, seo a se etsang jwaloka boithabiso, o betla
majwana. A tloha a ya moo Sefapano se neng se hlomilwe
teng, moo ba itseng Sefapano se ne se hlonngwe lejweng. Ho
se motho haufi, ka hona a qhetsola lejwana mme a le kenya
mokotlaneng wa hae e le sehopotso, a tla hae mme a nketsetsa
para ya dikonopo tsa mapetu a letsoho ka lona. Mme, ka
mohlolo, yare ha a di etsa, yaka di qaphaleditswe ke madi.
Mme hantle kahara e nngwe ya tsona, ho tsamaya, ho matha
tselana e otlolohileng, e tshesane mahareng a tsona bobedi.
Jwale hoo ekaba feela^Le a bona, mohlomong motho e mong
a ke ke a e elellwa, empa ho nna ke tlotla ya dintho tseo ke di
dumelang. Ke dumela hore ntho e nngwe le e nngwe e na le seo
e se bolelang.
49
Mme jwale, nakong ena, sohle seo Morena a nang le sona.
Efela ha taba ena e se eo A e porofetileng, e leng ya Malakia 4
le ya Luka 17 hape, le Mangolo a mang a mangata a loketseng
ho hlaha tsatsing lena la ho qetela, a nke ke bue sena sena
ho kwaleng, e tlaba e hahetse motho e mong motheo mohla
a fihlang. Ka hona ke leboha haholo haele moo Modimo o
Matlaohle, ha eba ho le jwalo, a ntumeletse ho etsa nthwana
e itseng, maemong a ka a ho haellwa ke thuto, ho bontsha
dikananelo tsa ka tsa lerato la Hae ho nna, lerato la ka ho
Yena, le lerato la rona ho batho.
50
Ka baka leo, ka botshepehi, ke atamela temana ena ya
Lenyalo Le Hlalo. Modimo o ke o re hauhele bohle.
51
Mme jwale mamelang ka hloko. Mme, bokgaitsedi, le se
ke la ema la tswa; dulang le thotse ho se hokae. Baena, etsang
jwalo le lona. Le se ke la kwala disete tsa lona kantle mono, ho
tswa kgokanong ena. Le se ke la etsa jwalo. Dulang ka kgutso
metsotso e mmalwa feela, ho fihlela o fela. Mamelang ka hloko.
Ha o sa dumellane, ngola Mangolo ao ke a sebedisang, mme o
ntano a bala thapelong pele o etsa qeto ya hao.
Modimo, o re thuse re sa leka ho atamela temana ena.
52
Jwale, o ka ba molelele hanyenyane. Ha ke batle hore le
potlake ka letho. Mme le nke nako ya lona feela, rona bohle,
mme re hlahlobe Lentswe la Modimo, ka nnete le ka ho hlaka,
kamoo re tsebang ho Le hlahloba kateng.
53
A re qaleng ka Mohalaledi Mattheu, kgaolong ya 19. Le ho
qala, ke a kgolwa, ka temana ya 8 ya kgaolo ya 19, ke lakaditse
ho qala. Hape nka nna ka qala ho ya 1, le ho bala tlase ho ya
temaneng ya 8 ya kgaolo ya 19.
LENYALO LE HLALO
9
54
Jwale, hopolang, dintho tsena tseo ke di buang e ka kgona
di tswe Lentsweng la Modimo. E ke ke ya ba kgopolo yaka
ka sebele, hoba kgopolo yaka e tshwana le ya motho mang
kapa mang feela. Empa e loketse ho ba tswelliso ya Lentswe
la Modimo. Hopolang, Modimo o baballa ntho e nngwe le e
nngwe tatelanong. Le ka mohla ha A fetohe. E sa le Yena
maobane, kajeno, le ka ho sa feleng. Le a e dumela? [Phutheho
e re, “Amen.”—Mongodi.] O a tshwana.
55
Jwale na nka bala kgaolong ya 19.
Eitse hobane, Jesu a qete dipolelo tseo, a tloha
Galalea, a ya naheng ya Judea mose wane wa Jordane;
Matshwele a maholo a mo latela; mme a ba fodisa^
Bafarisi le bona ba tla ho yena, ho mo leka,^
56
Ke kgefutsa mono le tle le fihlelwe ke toboketso ya hore ke
bomang ba neng ba Mo leka.
^yaba ba re ho yena, Hleka motho o dumeletswe
ho hlala mosadi wa hae ka baka la eng le eng na?
A ba araba a re, Na ha lea ka la bala, hobane ya ba
entseng tshimolohong o ba entse e le e motona le e
motshehadi,
A re, Ka baka leo monna o tla tlohela ntatae le
mmae, a kgomarele mosadi wa hae: mme ba babedi e
tla ba nama e le nngwe feela?
Ka hona ha ba sa hlola ba e–ba babedi, e mpa e le
nama e le nngwe feela. Ke moo ke reng seo Modimo o
se kopantseng hammoho, se se ke sa arolwa ke motho.
Ba re ho yena, Moshe yena o laetse ke’ng ho nea
mosadi lengolo la hlalo, le^mo hlala?
Mme A re ho bona, Moshe o le dumeletse ho hlala
basadi ba lona ka baka la bothata ba dipelo tsa lona:
empa tshimolohong ho no ho se jwalo.
Jwale, Modimo, ako re thuse.
57
Lengolo lena, potso ena, e tjamelane le Jesu mathwasong
a tshebetso ya Hae. Mme ya tjamelana le Moshe hona
mathwasong a tshebetso ya hae. Ke potso e tswileng ka mahetla
pelong tsa badumedi. Moetsadibe ha a tsotelle. Empa ke ho
badumedi, hoba modumedi o leka ho etsa tseo a di tsebang e
leng kamoo a kgonang ho phela hantle kateng pela Modimo.
Ha ho le jwalo yona, ha potso e hlaha mabapi le bodumedi, ke
moo taba ya Lenyalo Le Hlalo e ropohang, (hobaneng?) hoba ke
sesosa sa sebe sa ho qala. Ke hona moo sebe se qadileng teng.
Mme ke ka baka leo e hlahiswang nako le nako, hoba e le yona
qalo ya sebe.
58
Jwale nke ke ka ba le nako ya ho hlalosa dintho tsena
tsohle, empa nka thabela ho araba lengolo la hao kapa ntho efe
10
LENTSWE LE BUILWENG
feela eo nka e kgonang. Kapa, re na le dibuka tse ngotsweng
ka yona, le dipotso tse ngata, mme esita le dikgetjhana tse
tabotsweng maseding a ditaba le dintho mona, ho paka sena,
rea tseba hore e ne e le Eva. Apole eo ho thweng o e jele, athe
ha e dumelane le Mangolo, jwale ba re e ne e le poreime; e ne e
se le e nngwe ya tsona. O entse bofebe, bo hlahisitseng ngwana
wa pele, eo e neng e le Kaine, mora wa Satane ka sebele, hoba
ho yena ho no ho dutse bobe. Ha bo a tla ka Abele. Mora wa
Satane e ne e le Kaine.
59
Ke tseba potso ya lona jwale, “Eva a re, ‘Ke fumane monna
ka thuso ya Morena.’” Ke hantle haholo.
60
Le ka nka mosadi ya mamphemphe ka ho feta motseng,
monna e mobe ka ho feta; ha ba fumana lesea, e ka kgona
le tswe ho Morena, hoba Modimo o beile melao hammoho.
Mme melao ena, jwalo ka ho tjhaba ha letsatsi; ha o lema
hlabahlabane tshimong e ntle, e tla mela. Mme e loketse
ho mela, hoba e le molao wa Modimo. Ha peo e jalwa, e
tshwanetse ho mela. Mme ha ho letho le ka hlahisang bophelo
ntle le Modimo, hoba bo sebetsa tlasa melao ya Hae. Ka baka
leo mohla peo e mpe e ne e jalwa popelong ya—ya Eva, e ne e
loketse ho bea, hoba ke molao wa Modimo wa boikatiso. Mme
e ne e ke ke ya etsa letho ha e se ho bo hlahisa, mme bo ne bo
loketse ho tswa ho Modimo.
61
Ke ka hona batho ba reng, “Maseanyana,” ka dinako tse
ding, “a sa tswalwang ke batswadi ba Bakreste, a lahlehile.”
62
Madi a Jesu Kreste a lefella ngwana, ha ke tsotelle hore
o tswetswe ha kae le kamoo a tswaletsweng bobeng kateng.
Ke Konyana ya Modimo e tlosang sebe sa lefatshe. Ngwana
e monyenyane a ke ke a baka, hoba ho se letho leo a ka le
bakelang, mme seo e ne e le sebe sa lefatshe se tlositsweng ke
Madi Kreste. Masea a ya Lehodimong.
63
Ke sebe sa tshimoloho, mme ke ka baka leo e—e botswang.
Ha taba efe feela e kgolo e tswang ho Modimo e botswa, ntho
ya pele mohlomong: “Ka lenyalo le hlalo teng?” Jwale, jwalo
le kamehla, esale potso hara batho. Jwaloka mehleng ya Jesu,
jwaloka mehleng ya Moshe, esale ho le jwalo, mme esale yona
ho fihlela la kajeno, ke potso hara batho, hoba batho ba batla
ho tseba seo e leng Nnete.
Empa moo potso e leng teng, ho tshwanetse ho ba le
karabo. Mme jwale ha e le karabo, jwalo ka ha ke boletse pele,
bekeng ena, ho tshwanetse ho be le karabo e lokileng. Mme
ha re fumana karabo nthong efe feela, mme e—e sa loka, e–ba
rea tseba hore e ne e le phoso. Empa e teng, o no o tla botsa ho
fihlela potso e lokileng e arabelwa, ha o batla ho tseba Nnete.
Mme ereka ha ena e le potso ya Bibele ena, e ka kgona ho be le
karabo ya Bibele.
64
LENYALO LE HLALO
11
Ho jwalo ka ha ke boletse, hola ke ne ke batla ho ya
botjhabela hoseng hona; mme ntho e ntle eo ke tsebileng
hona, ke ne ke loketse ho fumana ntho e itseng naheng,
mme e ne e lebahane le botjhabela hantle, mme ke ne ke ya
botjhabela. Motho e mong a re, “Moena Branham, botjhabela
ke bona.” Ke botjhabela, ho ka ba jwalo, empa ke leboya–
botjhabela. Ke ne ke tla feta yona ntho eo ke e batlang; ke
ne ke tla kgutla, ke tseba hore e ne e le phoso. Mme haeba
motho a itse, “Moena Branham, eya nqeng ena, letsohong la
hao le letona.” Jwale, e ka nna yaba botjhabela, hape, empa
ke borwa–botjhabela. Ke ne ke tla fosa ntho eo ke neng ke
e batla, hoba ke tlotse meedi ya tsela e phethahetseng le e
otlolohileng.
66
Jwale, haeba ho le jwalo, re na le mehopolo e mmedi ya
Lenyalo Le Hlalo. Mme moo ke hore, o mong wa yona o bolela,
ho re, “Monna a ka nyala hang feela, ha mosadi wa hae a
shwele.” Mme ke e nngwe ya dipotso, empa, ha o latela taba eo,
o kodumela kwana. Mme hape o mong o re, “Oho, ha monna
kapa mosadi, e mong wa bona, a entse bofebe, e mong ho bona
a ka hlalwa mme a nyala hape.” O tla iphumana o kodumela
ka kwana ka yona.
67
Ka baka leo, le a bona, ha se borwa–botjhabela kapa
leboya–botjhabela; re batla botjhabela hantle. O tla fellwa ke
Mangolo ha o ya nnqeng ena, o tla fellwa ke Mangolo ha o
ya nngeng yane. Re batla ho tseba moo Lengolo le kopanang
le Lengolo, le ho tseba seo e leng Nnete ya sona. E mong le e
mong o nka tsela e fapaneng, mme ba sitwa ho hlahisa karabo
e loketseng, empa karabo e sa tshwanetse ho ba teng.
68
Eka feela, kajeno, ho na le dikolo tse pedi tsa thuto
kerekeng; se seng sa tsona ke Calvinism, se seng sa tsona
ke Armin–^Arminianism. Se seng sa tsona ke sa ba yang
ka molao, se seng ke mohau. Mme re fumana hore batho ba
dumelang mohaung, maCalvinists, ba re, “Ho bokwe Modimo,
ho tsuba ha ho ntlhabehise. Ho nwa ha ho ntlhabehise. Nka
etsa dintho tsena tsohle, ke na le polokeho ka Bohloleho.”
Re ntano fumana lehlakore le leng, ho ba yang ka molao, ho
thwe, “Oho, ke batla ho mo kgarumela, ke batla ho mo tsholela
maqa, empa, ke Mokreste, ke loketse ho thola.” Le a bona, o
iphumana o tsamaea tseleng tse pedi tse fapaneng, mme ha ho
le e nngwe ya tsona e lokileng. Jwale, ho thata ho rialo, empa
ke nnete.
69
Re iphumana re le ditseleng tse pedi tse fapaneng; e nngwe
e ya nqeng e nngwe, e nngwe ho e nngwe. Jwale a re boneng
hore na Nnete ke eng.
70
Jwale mamelang, mme le bone ha e–ba taba ena e bonahala
e etsa kelello ho lona. Ho tea mohlala, ha e–ba ke itokisetsa
ho ya mose ho mawatle. Mme ebe ke bokanyetsa lelapa la ka.
65
12
LENTSWE LE BUILWENG
Ke tla bitsetsa mosadi wa ka ho nna, mme ke re, “Re tlil’o
tsa–^Ke ya mose ho mawatle, moratuwa.” Jwale lehlakore la
ba yang ka molao ke lena, “Jwale, mosadi wa me, ke tla o beela
molao! Ha o ka bonya le monna ha ke ntse ke le siyo, mohla ke
kgutlang o se o le mosadi ya hladilweng. Mme ha ke batle ha
o nts’o qhwayana, ha ke batle ha o nts’o bonya! O a utlwisisa?
Ke monna wa hao! Ha o ka etsa sena, ke tla o hlala mohla ke
kgutlang.”
71
Ebe o a nqotsa mme a ntshware ka tae, le ho re, “Mohatsa
ka ya kgabane, ke batla ho o bolella taba, o a bona, o a bona,
hore ha o ka qhwayana le mosadi e mong, kapa wa intsha le
mosadi e mong, kapa ho bonya le mosadi e mong, o tla ba
monna ya hladilweng mohla o kgutlang.” Jwale, na e ke ke
ya ba lelapa le thabileng leo? Ke ba yang ka molao bao. Ke
hantle.
72
Jwale, lehlakore le leng, ke hore ha ke ya mose ho mawatle
mme ke etsa phoso^Ho ya le ho re, “Jwale, bona, ke tla
tswa le mosadi enwa. Oho, ho itoketse ho mosadi wa ka, ha a
tsotelle.” Mosadi wa ka o re, “Ke tla tswa le monna enwa. Ho
itoketse ho Bill, ha a tsotelle.” Ha ke sa tsotelle, e tla ba ho na
le ntho e phoso ka nna; ha ke rate mosadi eo hantle. Mme ha a
sa tsotelle, e tla ba ho na le ntho e phoso ka yena. Ke mosadi
wa ka; ha ke batle ha monna e mong a ntse a tshwenyana le
yena. Ke mosadi wa ka.
73
Jwale, tsela e lokileng ya yona, ke ena, ho na le nnete
bobeding ba tsona, empa e se Nnete–ya–makoma.
74
Jwale ha ke ya mose ho mawatle, ho e lokisa, lelapa laka
le lenyenyane le a bokana, mme re a rapellana. Mme ke ba bea
ho Modimo, mme le bona ba mpea ho Modimo. Mme ha re etsa
jwalo, re ya mose, ke ya mose. Jwale, kea tseba o a nthata; ke
na le tshepo ho yena. Mme kea mo rata; o na le tshepo ho nna.
Ha feela ke mo rata ka mokgwa oo, ha a lokela ho ba le tsietsi
ya letho ya hore nka ntshana le mosadi e mong. Ha feela a
nthata hantle, kgele, ha ho hlokahale ke nahane ka monna ofe
feela ya intshang le yena, hobane ke mosadi wa ka mme kea
mo dumela.
75
Kea dumela, hore ha nka etsa ntho e phoso ruri, ho sitwa
mme ka ba ka tswa le mosadi ya itseng, mme ke kgutle mme
ke ipolela ho yena, mme ke re ho yena, “Meda, ke ne ke sa
ikemisetsa ho etsa jwalo. Ke mpile ka tshwaswa lerabeng;
mosadi enwa o ile a mathela ho nna feela mme—mme a
ntshwara ka sephaka, mme a qala hore–le–hore,” ke dumela o
ne a tla utlwisisa. Ke dumela o ne a tla ntshwarela hona. Empa
ke ne ke sa tlo e etsa, ho se letho, hoba kea mo rata. Leha a
ne a ka ntshwarela, ke ne ke sa tlo e etsa. Ke ne ke sa tlo mo
kgopisa, ho se lebaka. Leha ke tseba o ne a tla ntshwarela
hona, ha ke batle ho mo kgopisa.
LENYALO LE HLALO
13
76
Mme ho jwalo le ka Modimo. Efela ha e le^ha lerato la
phileo, e leng lerato la botho, lerato la setswalle, le ka etsa
monna a ikutlwe jwalo ka mosadi wa hae; ho ka thweng ka
lerato la agapo, lentswe la seGerike le bolelang “lerato la
Modimo,” ho no ho ka etsa ke ikutlwe jwang ka Jesu Kreste?
Nna, ha feela ke ntse ke batla ho ya e etsa, e ka pelong yaka ho
e etsa! Leha^ke re, ha feela e dutse pelong yaka ho e etsa, ke
ilo e etsa. Lehlakore la molao le ke se ntumelle ho ya e etsa, ke
kahobane ke tseba hore ke ne ke tla ahlolelwa ho e etsa. Empa
Nnete ya sebele ya yona ke ena, ke hore ha lerato la Modimo
le kena pelong ya hao ho fihlela o batla ho E etsa. Ke Nnete ya
yona. Ho na le dikolo tse pedi. Ha se ba yang ka molao kapa ba
bang, kapa boCalvinism, ke bobedi boo.
77
Jwale kajeno re fumana, hape, ho na le diphutheho tse
ngata tse fapaneng tsa bodumedi. Ho na le kereke ya Katolike,
kereke ya Protestanta. E nngwe le e nngwe ya tsona e re ke
Tsela, le a bona, “Re na le Tsela, re Nnete.” Methodist e teng, e
re, “Re tshwere Nnete.” Baptise e re, “Re tshwere Nnete.”
78
Be e, ho nna, ha feela ba ikutlwa ka tsela eo, ha ho jwalo,
hoba Jesu o itse, “Ke Nna Nnete.” Le a bona?
79
Ka baka leo, jwalo ka thero ya ka ya maobane bosiu,
hore ke Yena nqalo eo Modimo a beileng Lebitso la Hae ho
yona, yona feela nqalo ya ho rapela. Ha o Mokreste hoba o
le Moprotestanta. Ha o Mokreste hoba o le Mokatolike. Ha
o Mokreste hoba o le Methodist, Baptist, kapa Pentekosta.
O Mokreste hoba o kolobeditswe ho Jesu Kreste, ka Moya o
Halalelang, e seng ka metsi. “Ho na le Tumelo e le nngwe;
Morena o mong; kolobetso e nngwe,” eo ke kolobetso ya Moya o
Halalelang. Kolobetso ya metsi e o kenya kopanong. Kolobetso
ya Moya o Halalelang e o kenya ka ho Kreste. Nnete ke eo.
80
Hape re fumana dikolo tse pedi tsa Lenyalo Le Hlalo ena.
Jwale, ha e le moo, Morena wa rona a re buletse sephiri sa
Tiiso–e–ha–Supa sa Lentswe la Wona, matsatsing lena la ho
qetela. Jwale, bongata ba lona, hona e ka ba Segerike ho lona,
empa kereke ya ka e a utlwisisa. Ka eng? Mme le utlwetse ka
dipono le dintho tse hlahileng. Mme potso ke potso ya Bibele,
re memelwa mona ho dumela hore ho tshwanetse ho ba le
karabo ya nnete sephiring sohle se patilweng esale ho thewa
lefatshe. Mme Bibele e a porofeta mme ere tsatsing lena diphiri
tsena di ne di tla tsebahatswa. Ditshenolo 10, “Mme ho letseng
ha lengeloi la bosupa, moromuwa wa Laodisea, diphiri tsa
Modimo di ne di tla tsebahatswa.” Mme ona ke mongwaha wa
ho qetela, e leng Laodisea.
81
Shebang hore tsoseletso ena yohle e se e tsweletse dilemo
tse leshome le metso e mehlano kapa ho feta, mme ha ho le
phutheho e le nngwe ya mokgatlo e tswileng teng. Luther o
bile le tsoseletso, ha tswa phutheho ya bodumedi; Wesley, ha
14
LENTSWE LE BUILWENG
tswa phutheho ya bodumedi; Alexander Campbell, ha ba le
phutheho ya bodumedi; ba bang bana bohle ba baholo^John
Smith le bao jwalo, phutheho tsa bodumedi, Moody, ho ya
jwalo. Empa mona ho bile le e nngwe^Ka tlwaelo tsoseletso
e tswella dilemo tse ka bang tharo. Empa ena esale e tsweletse
dilemo tse fetang leshome le metso e mehlano, mme ha ho
phutheho ya bodumedi e ropohileng ho yona, hoba ena ke nako
ya Peo. Ha ho sa na lekgapetla; kamora hoba lekgapetla le le
leng le nyamele, ke Peo.
82
Modimo o itokisitse, haeba A sa e etse jwale, O tla
bitsetsa Kereke phethehong ka Lentswe la Wona, Jesu Kreste.
Lemohang, ho tshwanetse ho be le karabo kae–kae, mme
erekaha e ne e le Hono, sephiri sa Modimo se tiisitsweng–ha–
supa, Ditiiso tse Supileng.
83
Ke ba bakae ba utlwisisang hoo, phahamisa letsoho la hao.
A re boneng. Ke nahana bongata ba bona ke phutheho ya rona
e tswang ka mathoko, ba mamelang. Ha ho se jwalo, dibuka
di tla tswa kapele ruri, mabapi le temana eo. Re na le dibuka,
dibuka tse itseng ka Yona jwale.
84
Jesu, therong ya rona, o re mema ho kgutlela morao
tshimolohong, bakeng sa karabo ya nnete e Lengolong.
85
Jwale, mohla A na a tobana le sena, dintho tse pedi di ne di
bonahala. Baprista ba ile ba re ho Yena, “Na monna a ka hlala
mosadi wa hae, a nyala e mong, ka eng le eng?”
Mme Jesu a re, “Tshimolohong ho no ho se jwalo.”
Yaba ba re, “Moshe o re dumeletse ka lengolo la hlalo, le ho
mo lahla ka baka la ntho e nngwe le e nngwe eo ba ratileng ho
e etsa.”
86
A re, “Hore, Moshe o entse hoo ka hobane,” ke tlohella
hono ho lokotseha nakwana, “ka baka la bothata ba dipelo tsa
lona; empa ho tloha, kapa tshimolohong ho no ho se jwalo.”
Potso!
87
Potso kajeno, e kang ya kgotso ya lefatshe, “Na e tla tla ka
dipolotiki, kopano ya ditjhaba, tse kopaneng?” Ke re ho lona,
le kgale. E hlolehile kamehla, mme e tla hloleha hape. Empa
ho sa saletse karabo ya nnete potsong, “Na ho tla ba le kgotso
lefatsheng?” E, mohla sebe se fedisitsweng hodima lefatshe,
kgotso e tla ba teng. Empa ho fihlela nakong eo, kgotso e ke ke
ya ba teng; “setjhaba se tla tsohela setjhaba matla, le mmuso o
eme kgahlano le mmuso.” Modimo o fane ka setlhare sa sebe.
Mamelang ka hloko jwale. Modimo o fane ka setlhare sa ho
fedisa sebe hodima lefatshe, empa motho wa lefatshe ha a batle
ho amohela setlhare sa Modimo.
88
Modimo o re file setlhare le mokgwa wa ho nyala
mafumahadi a rona le ho phela le bona, empa motho ha a
amohele setlhare sa Modimo, ha a batle ho amohela Lentswe
LENYALO LE HLALO
15
la Hae ho yona. Jesu o boletse taba ena. Mme hona ho re
hopotsa kaha—kaha Mantswe a Hae, ka tsebo ya hore O itse,
“Mahodimo le lefatshe di tla feta, di tla fela, empa la Ka le ke
ke.”
89
Potso, karabo ya nnete eo Jesu a batlang re kgutlele ho
yona, ke ho kgutlela morao tshimolohong. Ka hona, moo e tla
ba ho Genese, hoba lentswe Genesis ke kgaolo ya peo karabong
e nngwe le e nngwe Bibeleng. Mme kamehla le tshwanetse ho
kgutlela morao peong ho bona mofuta wa peo e ka hara tshimo,
ho fumana seo dijalo tsa lona di tla ba sona. Jwale, ke mofuta
o jwang wa peo e jetsweng? Genese, ka ha e le kgaolo ya peo,
re ne re tla kgutlela ho Genese. Jesu o re hlahisetsa Lengolo
leo, “tshimolohong.” Jwale, hopolang, ke mohla nako e neng e
qalella ho qala. Pele ho moo, e ne e le BosaFeleng. Jwale, potso
ya rona mono e ne e le, lemohang, ha re ka kgutlela morao
tshimolohong.
90
Jwale le se hlolehe tabeng ena! Mme ke lona lebaka leo ke
batlang ho bua butle, e le hore batho ba kwana mehaleng, le
hore lebanta le tle le e bue ka ho hlaka.
91
Ha eba Jesu a itse, “Kgutlelang morao tshimolohong,” ho
ne ho e–na para e le nngwe feela ya ntho e nngwe le e nngwe
lefatsheng. Ho e–na le Adama a le mong, Eva a le mong, ba ne
ba kopantswe ke Modimo a inotshi. Pere e le nngwe e tshehadi,
e le nngwe e tona; papagayi e le nngwe e tshehadi, e le nngwe
e tona. “Tshimolohong,” jwaloka ha A re laetse ho kgutlela
morao, ho ne ho e–na le para e le nngwe feela ya ntho ka nngwe.
Na ke nnete? [Phutheho e re, “Amen.”—Mong.] Jwale he, re
fumana jwale hore ntho e nngwe le e nngwe “tshimolohong” e
ne e matha ka taolo e phethahetseng le kutlwano ho Modimo,
ho se letho le sekameng.
92
Ntho e nngwe le e nngwe lehodimong e sa dutse taolong;
dinaledi tsohle, makgotla a lehodimo, letsatsi le mahlahana a
lona, ntho e nngwe le e nngwe e taolong e phethahetseng. Ha e
le nngwe ho tsona e tsamaya, e tla sitisa lenaneo lohle.
93
Jwale mamelang. Na le a bona? Tshitiso e le nngwe e
senya lenaneo lohle! Jwale, mohla batho ba ne ba tsamaya
ka tatelano le Modimo, ka monna a le mong le mosadi a le
mong, mosadi enwa o ile a etsa sebe mme hoo ha faposa
lenaneo lohle tatelanong le Modimo. Ka baka leo, lentswe
le le leng le eketswang Bukeng ena, kapa Lentswe le le
leng le fokotswang ho Yona; le ntsha Mokreste tatelanong
le Modimo, le ntsha kereke tatelanong le Modimo, le ntsha
lelapa tatelanong le Modimo. Modumedi e mong le e mong a
ka lahlelwa ka ntle, ka ho se amohele Lentswe ka leng lohle
la Modimo.
94
Jwale he, e ne e le mosadi ya hlahisitseng karohano ya
lelapa le babatsehang. E ne e se Kerubime e ferakantseng
16
LENTSWE LE BUILWENG
lefatshe. E ne e se Adama ya hlanamisitseng lelapa. E ne e
se ntho e nngwe e sele e hlanamisitseng lelapa, le ho ntsha
ntho yohle tatelanong, empa mosadi, Eva. Mme ke yona ena
“tshimolohong,” eo Jesu a buileng ka yona, e ileng ya robjwa.
Jesu o itse, “Tshimolohong, Modimo o entse e le nngwe e tona, e
tshehadi e le nngwe, ya mofuta o mong le o mong.” Mme jwale
eitseha mosadi enwa^e seng pere e tshehadi, e seng ntja e
tshehadi; empa mosadi, o robile tatellano yohle ya tshebetso ya
Modimo lefatsheng, mme a dihela ntho yohle lefung. Mosadi,
e seng monna, o robile selekane. O robile selekane, hobane
(hobaneng?) a hata ka nqane ho meedi ya Lentswe la Modimo.
Jwale, ha eba a robile selekane sa hae le monna wa hae, o
robile selekane sa hae le Modimo; jwale he, ka hobane a robile
selekane sa hae le Modimo, o se robile le monna wa hae.
95
Mme ha o roba tshepiso ya hao le selekane sa hao
Lentsweng la Modimo, ke yona ntho e hlahisitseng maloko a
mangata hakana a bonyatsi a kereke, hoba sehlopha sa banna
se ile sa phutheha mme sa re, “Hantle, Le ne le sa bolele hono,”
mme taba eo e ntsha mokgatlo tatelanong le Lentswe. “Ha re
dumele Hono. Ngaka Jones o boletse hore Le ne le se jwalo.”
Empa ha feela Modimo a itse Le jwalo, O itse, “lentswe la
motho e be leshano, mme la Ka ebe Nnete!” Ke moo e roba
tatellano mono.
96
Jwale re a bona, haele mo tatellano e kgaotswe, jwale
moedi wa Bophelo o kgaotswe, hape moedi wa nako o
kgaotswe, selekane se ile sa robjwa, ntho e nngwe le e nngwe e
pshatlilwe! E bakilwe ke eng? Mosadi. Ke yona ntho e robileng
selekane. Jwale, ha le batla ho bala hono, le ka e bala, Genese
3.
97
Jwale, ke hona mohla monna a neng a bewa ho busa
mosadi, ke Lentswe la Modimo. A sa hlole a lekana le yena. O
ne a ena le maemo a leka–lekanang le tlhaho, le a tseba; empa,
eitseha a roba Lentswe la Modimo, Modimo wa beha monna
ho mo busa. Genese 3:16, ha le batla ho le ngola fatshe. O ne
a sa hlole a lekana le monna. E ne e le motlodi wa Lentswe la
Modimo.
98
Ana ha le bone na, “yena,” yena, kereke tlase mona?
Motlodi wa Lentswe la Modimo, taba eo ya mo ntsha
tatelanong ka botlalo. Mme ke seo kereke e se entseng, mme ya
dihela lefu la semoya hodima ntho yohle. Jwale le tla utlwisisa
ho reng ke harinya dintho tsena ka moo ke etsang. Ke Nnete!
Ena ke dinnete tsa Bibele.
99
Lemohang, hobaneng a entse ntho e kang ena; ho tlile
jwang hore mosadi eo ya ratehang, e motle, ya phethahetseng?
100 Ke bone setshwantsho ka mohla o mong, ke a kgolwa e
ne e le Greece, sa setaki se neng se takile setshwantsho sa
Eva. E ne e le ntho e tshabehang ka ho fetisisa eo le kileng la
LENYALO LE HLALO
17
e bona. Hoo ho bontsha seo kelello ya nama e ka se shebang.
Empa, o ne a se jwalo; o ne a le motle, hoba e ne e le mosadi ya
phethahetseng, mosadi ka hohle.
101 Lemohang, hobaneng a entse ntho e kang eo, a le taolong
e hodimo eo? O ne a eme hantle le monna, a leka–lekana le
yena. Empa jwale re tseba bohle hore o lahlehetswe ke teka–
tekano ya hae le monna, ha a ne a etsa sebe, mme Modimo
wa re, “Monna e tla ba mmusi wa hao ho tloha mona ho
tswella.” Jwale, leo ke Lengolo. Ha le batla, re ne re ka le
bala.
102 Ke le fa Mangolo, e le ho boloka nako bakeng sa kgokahano
e kgolo ena ho phatlalla le naha, le tle le ipalle lona.
103 Lemohang lebaka leo a entseng seo ka lona. Ho tlile jwang
hore Satane a fihle ho yena?
104 Na le ne le tseba hore Satane o ne a leka–lekana le Modimo
ka tsatsi le leng? Ehlile o ne a le jwalo, ntho yohle feela e se
mmopi; e ne e le ntho e nngwe le e nngwe, a eme letsohong le
letona la Modimo, Mahodimong, Kerubime e kgolo e eteletseng
pele.
105 Lemohang lebaka leo a entseng taba ena ka lona, o ne a
le siyo popong ya mantlha. Ha a yo popong ya Modimo ya
mantlha; ke kgwabi. Ha ho le jwalo, “tshimolohong,” kamoo
Jesu a lebisitseng ho yona, e ne e se sebopuwa sa mantlha se
bopilweng ke Modimo. Ke kgwabi ya monna, mohla Jesu a ne a
lebisa “tshimolohong.”
106 Hopolang, Adama e ne e le botona le botshehadi mmoho,
popong ya mantlha, a le mong, empa yaba o arolwa ka kgopo.
107 Lemohang, empa kgwabi, mme, lemohang, yena feela
popong yohle ya Modimo, phoofolong e nngwe le e nngwe
le nthong e nngwe le e nngwe e sele, ya eba yena feela ya
radilweng ka mokgwa wona. Dithole tse ding tsohle di ne di
le teng popong ya mantlha. Dithole tse ding tsohle di ne di le
teng popong ya mantlha, empa Eva o ne a le siyo popong ya
mantlha. Le a bona, hoo ho no ho loketse ho etswa jwalo. Re
tla kena ho yona ka mora nakwana. Lemohang, popong ena
eo a neng a le ho yona, e seng ya mantlha, empa kgwabi. Mme
popong ena, ho na le^
108 Jwale ha ke batle ho thonkga maikutlo a lona, empa ke
batla ho le bolella Nnete. Mme le dule le thotse feela; le sa ntse
le sebetsa hantle.
109 Ha ho letho le reretsweng ho thetsa hakana, jwaloka
mosadi ya thetsang. Ha ho letho le ka bang teng; ha ho letho le
entsweng hore le be jwalo.
110 Hape, ha ho letho le ka thetswang habonolo jwaloka
mosadi. Jwale, tlolo e a thasisetsa hore polelo ena e nepile,
tlolo tshimolohong.
18
LENTSWE LE BUILWENG
111 O ne a le siyo mmopong wa tshimoloho wa mantlha. O ne
a le ka ho Adama, empa e seng botshehadi, ka sebele sa hae,
tshimolohong. O ne a etswe e le kgwabi.
112 Jwale, ha ho letho le radilweng ho thetsa, mme la ba la
thetswa, habonolo jwaloka mosadi. Ha ho letho le radilweng
kapa le ka nyehlang la ya tlase jwaloka ha mosadi a ka etsa.
Nahanang jwale. Ha ho letho le radilweng, popong yohle, le
ka nyehlang la ya tlase jwaloka mosadi. A ka tabola pelo ya
monna dikoto–koto habonolo ho feta ntho efe kapa efe e leng
teng lefatsheng, ke mosadi wa hae. Ere feela mosadi eo ya
kgabane a hlwahlwaele le monna e mong ya itseng; shebang
thaka leno le dutseng mono le bana ba lona, dikeledi di rotha
mahlong a hae. O entswe jwalo. O reretswe ho etsa sena. Ha
ho kolobe, ha ho ntja, kapa ha ho phoofolo esele, e radilweng
jwaloka yena kapa e ka nyehlang jwaloka ha a ka nyehla.
Jwale, hoo ke nnete.
Ka kelohloko ho dikgaitsedi tsa ka, ke batla hore le
hlokomele.
113 Ha ho phoofolo e ka bang le mekgwa e mebe. Le ye
le bitse ntja “letarapola,” ntja e tshehadi, e tona le e
bitsa^kolobehadi “seraburabu,” empa maitshwaro a yona a
feta a kgalala tsa Hollywood makgetlo a milione a dimaele.
O reretswe ho nyehlela fatshe hakaalo. A ke ke^Nahanang
sena jwale. Ha ho letho lefatsheng, le entsweng mmopong wa
Modimo, le ka bang le mekgwa e mebe, hakaalo.
114 Le re, “Bea butle, ‘monna’!” Re tla fihla tabeng eo. Mosadi
eka kgona a re “e.”
115 Lemohang, ha ho letho le radilweng ho nyehlela fatshe
hakana, kapa ho silafala, haese mosadi. Ntja e ke ke ya etsa
hoo, kolobe e ke ke ya etsa hoo, nonyana e ke ke ya e etsa. Ha
ho phoofolo e mekgwa e nyehlileng, le jwalo e ke ke ya etsa
jwalo, hoba ha e a ralwa hore ebe jwalo. Kolobe e tshehadi e
ke ke ya nyehla mekgweng, ntja e tshehadi e ke ke ya nyehla
mekgweng, nonyana e tshehadi e ke ke ya nyehla mekgweng.
Mosadi ke yona feela ntho e ka etsang jwalo.
116 Jwale le bona moo Satane a ileng a ya teng? Le a bona?
Empa leha ho le jwalo o ruile, ke yena ya nang le matla a ho
re “e” kapa “tjhe.” Le a bona, e itshetlehile hore o batla ho
ipea kae. Le a bona? Jwale mona re ka bona peo ya noha ka ho
hlaka, moo e kenang teng. Sebaka se seng feela seo a neng a ka
ya ho sona. Ha hoo ho sa e otlelle, motho e mong o foufetse. Le
a bona? Le a bona, e ne e loketse ho ya mono.
117 Lemohang, lebaka leo diphoofolo di neng di ke ke tsa e
etsa, phoofolo e tshehadi, di ne di le teng popong ya mantlha.
Empa mosadi o ne a le siyo popong eo ya mantlha. Jwale re
kgutlela morao ho fatakanya taba ena, re ntano le tlisa re le
theolela tsatsing la kajeno, Testamenteng.
LENYALO LE HLALO
19
118 O rerilwe jwalo, a le mong, ho etsa ditshila le ho phela
bophelo bo sa hlwekang. Ntja e ke ke ya kgona, mme ha
ho sethole se seng se ka e kgonang. Ke mosadi feela ya ka
kgonang. Ntja kapa diphoofolo tse ding, hang ka selemo, mme
mono ke bakeng sa masea a yona; eseng ho inyakalatsa ka
thobalano, empa molemong wa bana ba yona. Motswetse wa
kgale wa kolobe, motswetse wa kgale wa ntja, hang ka selemo,
nakwana e le nngwe, mono ke sebakeng sa masea a yona. Empa
mosadi o etseditswe nako efe feela eo a lakatsang ka yona. Ke
na le dintho tse phumutsweng mona jwale; le ka nahana tse
setseng. Ntja e ke ke ya kgona; mosadi a ka kgona. Ke tshepa
hore Moya o Halalelang o tla le senolela dintho tsena tsohle
tseo ke di hlakotseng mona.
119 Ke lona feela lesika, lesika hara dithole tsohle, le letle ho
feta e tona. Ha ho lesika le leng nthong efe feela. Dihlodilweng
tse ding tsohle tsa Modimo tse tona ke tsona tse ntle, jwaloka
diphoofolong, dinonyaneng, le jwalo–jwalo, kamehla e tona e
ntle.
120 Shebang poho e kgolohadi ya kgama, ka dinaka tse kgolo
tse ntle, lesika le leholo; le kgamahadi e nyenyane, e ithobileng.
Shebang mokokohadi ka masiba wohle a wona a matle; le
sethojana, se se soothwana. Shebang dinonyana, mokoko le
sethole. Hobaneng, hobaneng ho bile jwalo, hara dihlodilweng
tsohle tsa Modimo? Sebopuwa se seng le se seng, tse tona di
ntle ho feta. Hara manku, hara e–e dikolobe, hara dipere, hara
ntho e nngwe le e nngwe e sele, kamehla e ntle ke e kgolo e
tona, le dinonyaneng.
121 Empa morabeng wa batho, ke mosadi e motle, e seng
monna; ha a le jwalo, phoso e teng, ho na le peo e fapantsweng
kae–kae. Qalong ho jwalo. Hobaneng, hobaneng e entswe? Ho
thetsa ka yena. Moetsi wa hae, Satane, o sa ntse a sebetsana le
yena, hape, matsatsing ana a qetelo.
122 E reng ke eme mona motsotso feela. “Botle!” Na le tsebile,
hobane tshenyehong ya pele, lefatshe ka bophara, ya lefatshe,
kapa lefatshe ho pota, e ne e bakwe ke basadi ba batle? “Hoba
bara ba Modimo ba bone baradi ba motho hoba ba batle, ba
inkela basadi.” Na ho jwalo?
123 Na le lemohile keketseho ya botle ba basadi tsatsing lee?
Ke bone setshwantsho sa Pearl O’Brien, eo ho nong ho thwe ke
mosadi e motle ka ho fetisisa setjhabeng, ka nako e nngwe. Ha
ho mosetsana wa sekolo ya leng dilemong tsa borwetsana ya ke
keng a mo rothofatsa, ha ho tluwa botleng.
124 Keketseho ya botle ba basadi e supa nako ya thetso. Ke
neneng kereke e kileng ya shebeha e le ntle ho feta kamoo e
leng kateng kajeno? Ntho e nngwe le e nngwe e itlhahisa ka
boholo, mehaho e meholo e kgabane, le dimilione tsa sena le
dimilione tsa sane. Na ha le bone, “yena,” thetso!
20
LENTSWE LE BUILWENG
125 Jwale, ha ho letho le ka nyehlang jwaloka yena, mme o
radilwe hore a thetse. Mme ruri Satane o a mo sebetsa kajeno,
matsatsing ana a ho qetela, hoba ke yena morali wa hae. Nka
kgodisa taba eo jwale. Le kgutlele morao tshimolohong, ke
mang ya qadileng ho sebetsana le yena, Adama kapa Satane,
Modimo kapa Satane? Le a bona, ke yena morali wa hae. Ke
sehlomo sa hae se ka sehlohong ho dihela monna ditshileng tsa
hae, ka ho ba mosadi e motle, a ka sokollela monna tseleng efe
feela eo a e batlang. Moena, ha se tamene ya jwala tlase mona
e qhautsang monna; ke mosadi e motle ya theohang a tsamaya
seterateng, a meneka, a apere boseberwana. Ke yona ntho e
nkang^Ke eo mothetsi hona moo. Mme o kotsi ka yona, o
kotsi ruri. Le ka mpotsa malebana le hore Satane ke moetsi wa
hae, empa hoo ke Nnete. Satane ke yena ya mo radileng. O sa
ntse a e etsa kajeno.
126 A nke ke le bontshe ntho e nngwe Lengolong. Ke loketse ho
le kgutlisetsa Lengolong, mme le rale moralo wa lona ha le e
sheba kajeno.
127 Satane ke yena ya itlhahisang ka mofuta oo wa botle. Ha re
ka lemoha, o ne a le motle ho feta Mangeloi wohle Lehodimong.
Na ho jwalo? Mme o ne a lakaditse ho fetola Lehodimo tulo e
ntle ho feta mmuso wa Mikaele. Na ho jwalo? Hape, ho bontsha
hore Kaine e ne e le mora wa hae, a nyehela borapedi bo botle
ho feta, a kgabisa dialetare ka ditholwana le dipalesa, le jwalo–
jwalo. Na ho jwalo? Botle! Sebe se setle, hoo re ho bitsang botle
kajeno. Mme sebe se thetsa, ka botle. Le ke ke la sheba mosadi
ya theohang ka seterata mme la bolela se ka pelong ya hae. Le
a bona? Empa ke ne ke ratile ho bolela dintho tsena le tle le
bone hobaneng Satane e le moetsi wa hae. Ke hantle haholo,
mora wa hae ka sebele o e pakile, Kaine. Jwale, o motle hore a
tle a thetse.
128 Lefatshe le letle hore le tle le thetse. Ke bolela kosmos,
tsamaiso ya lefatshe. E ntle hore e tle e thetse, ditsha tse kgolo
tse ntle le mabothobotho.
129 Hopolang moporofeta, Amose, mohla a nyolohang a tla
ka kwano mme a bona motse, mme a o bona o tshwana le
Hollywood ya sejwale, mahlwana a hae a sesefala, tlasa moriri
oo o moputswa o lepeletseng sefahlehong sa hae. A tswela tlase
mono ka Molaetsa, mme a O qhomisa hodima sebaka seo. A
re, “Wona Modimo oo le ipoledisang ho o sebeletsa, o tla le
timetsa!” Ke hantle.
130 Sebe se setle. Ba bapisa Judase le lehlena la kgale kantle
mono seterateng kae–kae, le molomo wa hae o ahlame o
tletse dintsintsi, le jwalo–jwalo, eka Judase. Judase e ne e le
tjaka, a le matla, mothetsi. Hase mothaka eo o tlamehang ho
mo hlokomela pela moradi wa hao, ha se lethaka leo (sehwai
LENYALO LE HLALO
21
sa kgale) le kenang le apere para ya diofarolo, leo o lokelang
ho le ela hloko pela mosadi wa hao; ke thellanyane eo, ke
molotsana.
131 Sebe se setle mahlong a lefatshe, empa Modimo ha a hlahe
ka mofuta oo wa botle. Na le ne le tseba hoo? Modimo o hlaha
ka semelo, semelo se setle.
132 Bibeleng, Esaia 53, ha le batla ho ngola Lengolo fatshe. E
na le letoto la Lengolo le ngotsweng lehlakoreng mona mabapi
le yona. Esaia 53, Bibele e boletse hore Morena wa rona Jesu,
ho re, “Ho ne ho se sebopeho seo re kgahliswang ke Yena. Mme
re ile ra ipatela Yena eka hoja e le difahleho tsa rona.” Na ho
jwalo? Ha A re kgahle, hoba A ne a se motle. Mohlomong e le
lethakanyana, le mahetla a kobameng, eka o mokgubetswana,
mme A sa kgahlise ho ba moetapele. E sa ke moetapele. A bua
puo ya seterateng e tlwaelehileng, le jwalo–jwalo, jwaloka ha
batho ba etsa, batho ba tlase, ka baka leo E sa ke moithuti e
moholo, ya rutehileng, ya kgabane, a apere ka botlalo, le ntho
e nngwe le e nngwe. E le monna ya tlwaelehileng feela. “Ho no
ho se botle ho Yena, boo re ka kgahliswang ke Yena.” O ne a
kena a bile a tswa ho motho, hantle feela, ba sa tsebe le hore
E ne e le Mang. E sa ke modimo ha a tsamaya, seo re ka se
nahanang e ne e le modimo. Empa, leha ho le jwalo, E ne e le
wona!
133 Na le lemohile ha Morena Modimo a ne a re ho—ho
Samuele, “Nyolohela tlung ya Jese mme o tlotsetse e mong wa
bara ba hae, morena, ho tlatsa sebaka sa Saule”?
134 Jwale, batho ba ile ba kgetha Saule, hodima Samuele a ne a
ba boleletse ruri ho se etse seo. O ile a re, “Modimo ha o batle hore
le ka ba le morena; Ke Morena wa lona.” Mme a re, “Na nkile ka
le bolella taba, ka Lebitso la Morena, e sa kang ya hlaha? Na nkile
ka le kopa tjhelete kapa ntho e nngwe, e itseng, ke tle ke phele?”
135 Ba re, “Tjhe, ha o e–so ka o re kopa tjhelete. Mme sohle seo
o se buileng ka Lebitso la Morena, se hlahile. Empa re batla
morena, leha ho le jwalo,” ha ho le jwalo ba kgetha Saule.
Shebang seo lefatshe le se kgethileng! Shebang seo Iseraele
e se kgethileng! Israele, motlotsuwa wa Modimo, ba kgetha
monna ya hlahileng ka mahetla hodima monna ofe kapa ofe
setjhabeng; e moholo, wa motonana, tjaka, thaka le bohehang,
mme kamehla ya e–ba lehlokwana ka leihlong.
136 Empa Modimo wa re, “Ke tla le kgethela morena wa kgetho
ya Ka.” Ka hona A re, “Samuele, nke ke ka o bolella hore ke
mang, empa nyoloha o ye teng. Ke e mong wa bara ba Jese.”
137 Mme Jese, mosadi wa hae, le bao bohle ba qamaka, ba re,
“E, mora wa rona wa letsibolo, o moholo, o molelele, tjaka ya
monna, o tla tshwanelwa ke moqhaka wa borena hantle. O
hlalefile. O rutehile. Ke monna ya kgabane. Ke tseba feela hore
o tla loka. O bea mantswe a hae ka tshwanelo.”
22
LENTSWE LE BUILWENG
138 Eitse ha ba mo ntsha, Samuele a nka lefiso la oli mme a
tswela ho yena. A re, “Tjhe, Morena o mo hanne.” Ka hona
a theoha jwalo, ho fihla ho bara ba tsheletseng, mme Morena
a hana e mong le e mong wa bona. A re, “Ha ho sa na e
mong?”
139 “Oho,” a re, “e, e mong o teng, o alositse manku motsheo
kwana. O dutse mono o letsa dipina feela, a ba a e bine,
mme o a hweletsa, mme o itshwere jwalo. Empa, o batla a le
lekokoto, motho e mokgubetswana, a ke ke a tshwanelwa ke
borena.”
140 A re, “Eyang le mo late.” Mme yare ha Davida a bonwa
ke moporofeta, moporofeta a matha ka lefiso la oli a le
tsholella hloohong ya hae, a re, “Enwa ke mokgwethwa
wa Modimo.” E seng botle; empa semelo. Modimo o sheba
semelo.
141 Motho o sheba botle ba tlhaho. Bo a thetsa. Mme ke ka
hona mosadi a filweng botle boo, bakeng sa thetso, ho thetsa.
Mosadi e motle, ha a sa bo sebedise ka tshwanelo, ho yena
ke thohako; bo tla mo isa diheleng ka potlako ho feta ntho
efe feela eo ke e tsebang. Ha feela a^Holane a ka ba motle,
ehlile, ha a ka dula le monna wa hae feela mme a etsa ho
loketseng, mme hoo—hoo ho hotle ho kgabane. Empa a ka nka
yona ntho eo mme, kgele, kamoo a ka thetsang ka bona, hoba
bo filwe yena ho etsa jwalo.
142 Lemohang, jwale, empa Modimo o bonahatswa ka semelo.
“Ho ne ho se botle boo re ka kgahliswang ke Jesu,” empa ha ho
so be semelo se kang Yena, lefatsheng.
143 Jwale re a fumana, kajeno, hore e—e semelo sa kereke,
Satane le sehlopha sa hae, ba sheba dikereke tse kgolo, tse
ntle, dintho tse ntle. Ke seo lefatshe le se shebang kajeno.
“Oh, ke modisa, nako ya semanya-manyane e moholo,
semanya-manyane, o tletse boprista le borapedi, o tswa ka
dikobo tsa hae tse kgolo, le dintho tse kang tseo.” Hoo ba ho
bitsa botle.
144 Empa bahalaledi ba Modimo ba nnete ba sheba semelo sa
Lentswe le netefaditsweng.
145 Ke seo bahalaledi ba se entseng tsatsing leo, mohla ba
bonang Jesu. Ho se letho le ka shebjwang ho Yena, empa ba
bone hoba Modimo o ne a e–na le Yena. Ba bona hore Modimo
o ne a le ka ho Yena.
146 Ke kamoo bao, Joabe le batho bao mmoho le Davida,
thakanyana la kgale la batho, empa ba bone e—e monna ya leng
ka ho yena. Ba bone hore Modimo o ne a le ka ho yena, mme ba
tseba hobane tsatsi le leng o tla bewa boholong. Bao^E mong
o ile a bolaya bana’babo Goliathe ba bahlano, ka letsoho le
le leng. E mong a bolaya banna ba makgolo a mararo; mohla
LENYALO LE HLALO
23
basadi ba bang ba neng ba kga dinawa tse mmalwa bakeng
sa tinare, mme lebotho le futuhile, yaba o tshwara lerumo
mme a bolaya banna ba makgolo a mararo, Baflista. Semelo!
Hobane’ng? Ba ile ba kgomarela Davida hantle. Ba ne ba tseba
hore tlolo e dutse hodim’a hae, mme ba tseba hore o tla bewa
boholong.
147 Setshwantsho sa Kereke kajeno e emeng Lentsweng! Re
a tseba hore Le tla netefatswa. Re a tseba hore Le tla behwa
boholong ka tsatsi le leng. Leha Saule^Mme e ne e le
mmalehi ditjhabeng tsohle, empa ba tseba hore o tla bewa
boholong. Re a tseba hore O tla bewa boholong, le rona, ka
baka leo re nka Lentswe leo mme re ema hantle hona mono,
ho sa tsotelehe hore ho qosang. Haeba re tshwanetse ho hlaba
Baflista, kapa ho tshethemela kahara lemena le ho bolaya tau,
jwaloka ha e mong a entse, re a ya leha ho le jwalo, hoba
ke yona^ke kamoo Modimo a e rerileng ho ba kateng. Re
batlana le semelo.
148 Jwale mohlomong le ka mpotsa, “Hobane’ng a Mo
dumeletse ho ralwa jwalo?” Ha ke batle ho qeta nako e ngata
haholo, hoba ke na le tse ngata tseo ke lokelang ho di bua
mona. “Hobaneng,” potso e ka hlaha he, “hobaneng Modimo
a entse mosadi enwa tjena? Hobane’ng A mo dumeletse ho ba
jwalo?” E ne e le bakeng sa boithatelo ba Wona ka Sebele.
Ehlile.
149 Jwale ha le batla ho phetla Bibeleng tsa lona motsotso
feela, a re phetleng ho Baroma 9, motsotso feela, le ho le
bontsha ntho e nngwe, kamoo Modimo a sebetsang dintho
tsena, ha le batla ho—ho e bala. Mme re ka bona seo Modimo
a se etsang bakeng sa boithatelo ba Wona ka Sebele. Baroma
9:14.
Ka hona re tla re’ng?
Hleka bokgopo bo teng pela Modimo na?^
150 Mohla A ne a kgetha Esau, kapa ho kgetha Jakobo mme
a hana Esau, le pele moshanyana ofe feela a eba le tokelo ya
ho etsa kgetho, ka boyena, ho se le ya mong wa bona; pele ba
tswalwa, ba sa le polelong ya mme, Modimo o itse, “Ke hloile
Esau, mme Ke rata Jakobo.” Le a bona? Hobane’ng?
Empa o itse ho Moshe, Ke tla hauhela eo Ke mo
hauhelang, mme ke tla rekolohela eo Ke mo
rekolohelang.
Ka baka leo ha se^ya ratang, leha^ya mathang,
empa ke eo Modimo o mo hauhelang.
Hobane Lengolo le itse ho Faro, Seo ke o hlahisitseng
ka baka la sona, ke hore ke bonahatse matla a ka ka
wena, mme ke tumise lebitso la ka ka wena lefatsheng
lohle.
24
LENTSWE LE BUILWENG
Ha ho le jwalo o^(jwale bonang mona)^
hoba^hauhela eo o ratang ho mo hauhela, mme o
thatafatsa eo o ratang ho mo thatafatsa.
Jwale o tla re ho nna, Na le yena he^o sa
nyatsetsang? Na ke mang ya ka hanang ho rata ha
wona?
Empa, wena motho, o mang ha o phephetsa Modimo?
Na ntho e bopilweng e ka re ho ya e bopileng, O no o
nketsetsa’ng see?
Na mmopi ha a na tokelo ya ho etsa ka kgwabi e
le nngwe ya letsopa, pitsa ya ntho tse bokwang, le e
nngwe ho tse sa bokweng na?
Mme ho ka thwe’ng ha Modimo, o ratileng ho
bontsha bohale ba wona, le ho tumisa matla a wona, o
iphapantse^pelo e telele hakana le dipitsa tsa bohale
tse bopetsweng tahleho:
>o tumise monono wa kganya ya wona ka pitsa tsa
kgauhelo, tsee o nong o di lokiseditse kganya e sa le
pele,
151 Jwale hanang taba Eo nakwana. Modimo o e entse! O no
o loketse ho e etsa ka mokgwa ona. E ne e loketse ho ba teng.
Jwale mamelang metsotso e ka bang mehlano, ke batla ho
hulela maikutlo a lona nthong e nngwe.
152 Modimo
ke’ng? Modimo ke Mohlolehi e moholo.
Tshimolohong, morao kwana pele tshimoloho eba teng, E ne
e se le Modimo. Na le ne le tseba hoo? Modimo ke “tlotla e
rapelwang,” mme ho ne se letho le Mo rapelang. O ne a itulela
a nnotshi.
153 Mme ka ho Wona ho ena le bokgethi. Bokgethi ke eng?
Mohopolo. Jwale le tla fumana ntho e nngwe e tla sehela thuto
ya phirimana ena moedi. Lemohang, Yena e ne e le bokgethi ba
Wona bo nong bo le ka ho Wona. Jwale, ka ho Yena ho no ho
dutse Ntate, ka ho Yena ho no ho dutse Modimo, ka ho Yena ho
no ho dutse Mora, ka ho Yena ho no ho dutse Mopholosi, ka ho
Yena ho no ho dutse Mofodisi. Mme dintho tsena tsohle mona
di pepesa mehopolo ya Wona feela. Ha ho letho le tswileng
taolong. Le nahana hore Modimo o sitilwe ho bona pheletso
esale qalong? Ruri, O kgonne. Ha ho letho le tswileng taolong,
empa e le ho pepesa mehopolo ya Wona feela.
154 Jwale, A ke ke a etsa hore motho a tlole mme a ba le
toka. O ne a loketse ho mmeha hodima motheo o lekanang, wa
boikgethelo ba botho bo lokolohileng, ho ikgethela ka boyena,
empa a ntse a tseba hore o tla wa.
155 Jwale, E ke ke ya eba Mopholosi haese ha ntho e nngwe
e lahlehile. E ke ke ya eba Mofodisi haese ha ntho e nngwe
e kula. Dintho tsena di ne di loketse ho ba jwalo. Modimo
LENYALO LE HLALO
25
o di entse jwalo e le hore bokgethi ba Wona bo boholo bo
tle bo pepeswe. Hola hoo ho no ho se jwalo, E ka be e sa ba
Mopholosi. Empa rea tseba hore E ne e le yena, le pele nako
eba teng, E ne e le Mopholosi. E ne e le Mopholosi, ka hona ha
lokela ho ba le ntho e lahlehang. E tla etswa jwang?
156 Efela ha A nka ntho mme a lahlehelwa ke yona, e le hore a
tle a e pholose, e ka be eba ha se toka kahlolong ya Wona. A ke
ke a isa motho diheleng, mme a ba le toka. O mosa, o bonolo,
o na le nnete, o a tshepeha, mme Ke Moahlodi e moholo. Le a
bona, E ka eba O sebetsa kgahlano le Yena.
157 Ka hona A lokela ho bea motho kantle mona, mme a
mo etsa motho ya nang le boikgethelo bo lokolohileng, hore
a tle a kgone, tsebong, ya hore o tla wa; mme motho, ya
setshwantshong sa Wona ka Sebele, o n’a ka wa jwang? Jwale
na le bona Lesedi la motshehare? Ka baka leo, O ne a loketse
ho etsa kgwabi, ntho e nngwe e ho sele le mmopo wa mantlha.
Jwale le a e bona. Le a bona? Ke lona bao le tla he. Le a bona?
Jwale he, ke yona ntho e ileng ya wa. O e entse, ka tsebo ya
hore e tla wa. Mme e beilwe matsohong a Satane, e le kgwabi
e sa tlotleheng. Tlotla e lebiswa kae kajeno? Le nahane ka taba
eo. Lemohang ka thata jwale.
158 Hape hape, hore’ng a radilwe ka tsela ena mme e seng
jwaloka dithole tse ding, hore’ng mosadi a radilwe tjena
mme dithole tse ding di se jwalo? Ha ho se seng sa dithole se
radilweng jwalo. Ha di jwalo, kajeno. Di ke ke. Erekaha di sa
etswa jwalo, se ke ke sa etsa hoo. Hobane’ng A sa etsa sethole
sena mohlang oo, mosadi, jwaloka dithole tse ding, hore a
itshwanele mokgweng, hore a hodise masea a hae feela? Jwale
o ne a tla hlola le monna wa hae, mme a phele; mme ereha nako
ya lesea e fihla, a fumane lesea la hae. Hobaneng, hobaneng A
sa mo etsa tjena?
159 Nke ke ka bua mantswe ana. Mme le utlwisisa seo ke
buang ka sona, ha ke re? Ha le utlwisisa, e reng “amen.”
[Phutheho e re, “Amen.”—Mong.] Eya. Le a bona? Ho na le
basetsana ba dutseng mona, le bashanyana, le a bona. Empa
le a tseba, hore phoofolo e loketse ho fihla nakong e itseng
ya selemo, le molekane wa yona, mme ebe ke phetho. Empa,
mosadi, ke nako e nngwe le e nngwe. Mme hobane’ng A mo
entse tjee?
160 Jwale bonang morero wa Hae o moholo ha o phutholoha,
re sa feta mona re tswela pele, ka ho phethahala feela ka ho
phethahala ho ka etswang. Ke ne ke sa tsebe taba ena ho
fihlela tsatsi le leng.
Hobaneng A sa mo etsa jwalo tshimolohong, jwaloka
dithole tse ding tsa Hae? Ke kahobane hoo ho ne ho tla Mo
rona. Ke Sediba sa hlweko yohle. Ke ka hona A dumeletseng
161
26
LENTSWE LE BUILWENG
Satane ho mo qhautsa, se entsweng ke yena e le kgopamiso.
Sebopuwa se jwalo se be se tla, se ne se sa tla Mo rona, se
reretsweng hona qalong.
162 Mesebetsi yohle ya Hae eo A e rerileng, e le ya mantlha,
e ituletse tatelanong. Mesebetsi yohle ya Hae e ne e ituletse
tatelanong. Ntja e tshehadi, ntja e tona; le a bona, kgomo e
tshehadi, kgomo e tona; ntho e nngwe le e nngwe e ituletse
tatelanong. Tlhaho yohle e ituletse tatelanong. Peo e a shwa,
e kena mobung; jwaloka lefu, kepelo, tsoho. Lero le theohela
tlase le tswa sefateng, lehlaku la sona le a foforeha, le kgutla
isao ka tsoho ya lehlaku le letjha. Le bona seo ke se bolelang?
Ntho e nngwe le e nngwe, esita le hlaho, ya Modimo, yohle e
ituletse tatelanong, bonngweng; mme e nngwe ke ena e radilwe
e tswile taolong ya Modimo. Tlhaho e radilwe jwalo hore e se
ke ya etsa sebe. Nahanang! Tlhaho ya mantlha, ya Modimo, e
ne e ke ke ya etsa sebe.
163 Oh, ana ha le e bone, ponong ena mona, kgopamiso ya
kereke? Ntho ya mantlha ke Lentswe la Modimo! Sebe ha se
yo ho Modimo. Le bona seo ke se bolelang? Ke mona ho hlaha
sebopuwa ka kgopamiso. Modimo o tla ba le Kereke, empa
shebang kgopamiso eo ba e tshwereng kantle mona.
164 Modimo o na le ntho e tona le e tshehadi. Empa, mosadi
enwa, le a bona, tsona ditshupo tsa yona di supa se neng se
dutse morao mohopolong wa Modimo. Re ka nka hora, kapa tse
pedi, mme ra e qhaqholla. Yena, o entse sebopuwa sena bakeng
sa mokgwa oo, O entse sebopuwa sena mme wa se lokolla hore
Satane a se tshware, mme o entse hona. O sa ntse a mo tshwere.
A mpe a balehele Sefapanong, jwaloka monna, le yena.
165 Lemohang, tlhaho yohle e matha e ituletse tatelanong. Hola
Wa etsa mosadi popong e le nngwe ya mantlha, sebe se ka be
se bile siyo, hoba a ka be a sa e etsa, a ka be a sa e etsa. Ke
kgopamiso ya popo ya mantlha.
166 Ho jwalo le sebe sohle ke kgopamiso ya Nnete ya
mantlha! Leshano ke’ng? Ke Nnete e kgopamiswang. Bofebe
ke’ng? Ke ketso e tshwanelang e kgopamiswang. Ka baka
leo ke seo sebopuwa se kgopamisitsweng, ke eo ntho yohle
e kgopamisitsweng. Mme ntho yohle e peletwang s–e–b–e,
e robetse mono hantle. Ke ka baka leo potso e leng kgolo
hakana.
167 Phatsa feela, lekumane, le entsweng ka monna, ho mo
thetsa ka lona; Modimo o se entse, e pakilwe mona hantle. O
etseditswe hona.
168 Mosadi ya mekgwa e mebe ke ntho e tlase–tlase e ka
hopolwang, lefatsheng. Tshwarelang sena, mafumahatsana.
Hase letho empa ke moqomo wa batho o tshelang matlakala,
pepeso ya motabo. Ke phetho seo a leng sona, mosadi wa
seraburabu, ke moqomo wa batho wa matlakala a motabo,
LENYALO LE HLALO
27
tshilafalo, moo tshila, e silafetseng, e nyonyehang, tshila ya
bobe boselesele e lahlwang ke yena. Hore’ng a entswe jwalo?
Bakeng sa thetso. Sebe se seng le se seng se kileng sa fihla
hodima lefatshe se hlahile ka mosadi.
169 Mme mohlopholli wa ditaba ya tswang Chicago, e—e
mosadi o ile a ngola seratswana sena sa ditaba, sepolesa; hore
ba ile ba sala mohlala, mona United States, United States e
kgolwanyane, ho re, “Dipheresente tse mashome a robong a
metso e robedi tsa bonokwane bo bong le bo bong bo kileng ba
etswa ka sebopeho sefe feela, United States, mosadi o ne a teng
kahare kapa a bo tsheheditse.”
170 Jwale ke bua dintho tsena tsohle, ho finyella ntho e le
nngwe mona qetellong, le tle le bone hore molato ke eng.
171 O bopetswe ho thetsa, jwaloka ha a entse Adama
tshimolohong, ho mmolella hore tholwana e monate, le jwalo–
jwalo, ho mo thetsa le ho mo tlosa Lentsweng. Kereke e sebetsa
jwalo kajeno, ntho e tshwanang.
Empa he, kamora moo, a fetoha mmusi wa hae, ho mo
busa.
172 Jwale phapang e kakang kajeno, tsatsing lena la kemaro
ya kelello. Ho ena le hore monna ebe mmusi wa hae, mosadi o
fetohile modimo wa monna. Ehlile, mosadi o a mo busa. Jwale
mohlomong le ka utlwisisa ntho eo e sa leng ke e harinya. Ka
botle ba hae le kamoo a laolang botshehadi ba hae, sebopeho sa
hae seo a se filweng ke Satane, kgwabi eo Satane a e entseng, o
rometswe ho thetsa bara ba Modimo. Mme a ka tjebela bongata
ba bona diheleng ho feta sehlomo sefe feela seo Satane a se
tshwereng. Ke hantle haholo.
173 Jwale ke bua ka mekgwa e pherehlaneng, e seng ka lona
dikgaitsedi. Re tlilo le hlophisetsa ditulo tsa lona, madulo a
tshwanelehang, metsotsong e mmalwa, kahara Lentswe la
Modimo mona. E ne e le morero wa Modimo ho tloha tshimo—
tshimolohong.
174 Jwale ho etsa sena kajeno, modimo wa United States ke
mang? Na le sa hopola ka tabernakeleng dilemong tse fetileng,
ke rera taba eo? Modimo wa tsatsi la jwale, seraburabu se ne
se dutse mono se netilwe ka ferefe, mme mose wa kgutlela o
le hodima mangole a hae, le dintho tse kang tseo. Ke ile ka
re, “Bonang modimo wa lona!” Mme ke hantle, o fumanwa
dipapatsong, o batla a tsotse. O fumanwa seterateng, a ntse a
itshwanela.
175 Ke sehlomo sa Satane, “ho tloha tshimolohong,” Jesu o a
bua. Le a bona? Re a bona hore ho jwalo jwale, mme “ho tloha
tshimolohong,” le seo A buang ka sona.
176 Jwale, bahetene ba ne ba mo etsa modimotsana, (na le
tsebile hono?) modimotsana. Ehlile ho no ho le jwalo. Ba mo
28
LENTSWE LE BUILWENG
etsa modimotsana, hoba borapedi ba bona bo ne bo ne bo
akga diketso tsa motabo kahare. Ba bua ba re, “Ke mmopi. Ka
popelong ya hae o ne a jere peo mme o ile a bopa.” Ke leshano.
Mmopi o mong feela, ke Modimo. Empa na le sa hopola Paulose
mono? “Diana, wa Efese,” setshwantsho sa lejwe, ha thwe,
“modimo–mme wa Lehodimo, ya wetseng fatshe.” Kana ha le
bone kamoo borapedi ba bohetene bo leng kateng?
177 Mme rona, re sa tsebe, re boela re kgutlela borapeding ba
bohetene, ho basadi, sona sebopuwa se tlase–tlase ka ho fetisisa
lefatsheng, ho rapela mosadi! A ka tjebela monna ofe feela
hohle moo a batlang. Mme ha a tsebe, hobane botle boo bohle
bokantle, kahare ke dihele. Solomone o itse, “Yena, dikgoro tsa
hae di lebisa nqalong ya dihele.”
178 Jwale re bona ka ho hlaka mona seo Jesu a buileng ka sona
ho Tshenolo, kgaolo ya 2 le temana ya 15, ka thuto ya Banikola,
ho tla ha kereke eo e ikgulelang thoko le Lentswe.
179 Hape re ka bona mona, ka ho hlaka, mananeo a
nyonyehang, a kgopo, a silafetseng thelebisheneng, a
mafumahadi a Hollywood a motabo. Re bona ditshila tsa motse
wona, ka nako ha bana bana, basetsana ba theosa–ba–nyolosa
le seterata mona, ba apere boseberwana, diaparo tse ba
kgamotseng, ba meneka, homme ho bata hoo ba ka hwamang
ba ba ba e–shwa. Ha ba tsebe hore ke Diabolosi ya etsang hoo.
Ba tshwerwe ke moya o mobe, mme ha ba ho tsebe! Ha le ke
le bona ntja e tshehadi e etsa jwalo, ha ke re? Ha le ke le bona
tshehadi efe feela e etsa jwalo, mme ho se be monna ya lekang
ho atamela ho yena, le hona.
180 Le a bona, jwale le bona setshwantsho? Re tla kenyeletsa
ntho e nngwe motsotsong feela, ha Morena a rata.
Jwale le bona ba–Nikola, le bona thuto ya bona.
181 Le bona basetsana ba mafumahadi, ba bitswa jwalo, baeki
bana ba tsotseng kwana seterateng. Batho ba ne ba tlwaetse
ho ya shoung e manyala kathoko, ho boha setantshi se tsolang.
Bulang mahlo a lona feela, shebang seterateng, ke phetho seo le
lokelang ho se etsa jwale. Ntho yohle ke ho tsola ho qholotsang.
Ehlile. Ba etsetsa’ng hono? Ho hohela, ho eka, ke yona feela
ntho eo a e etsetsang yona. O e etsa hoba a le ditshila. O e etsa
kahobane a entswe jwalo. Ha a elellwe hore ke sesebediswa se
matsohong a Satane, mme ke seo a leng sona.
182 Esita le ka dikolong tsa rona, ba ruta diketso tsa motabo.
Lefatshe la rona le bodileng le kgumamelang basadi! Ke a
tseba hore ha ba batle ho e dumela. Ho a engwa mme ho binwa
sefela sa mofuta, le jwalo–jwalo, ka tsatsi le leng; mme a tswe
le basadi, ho hlwahlwaela hohle, bosiu bohle. Le a bona? Ke
hantle. Athe, mahlong a Modimo, Lentswe, ke phoofolo e tlase
ho feta diphoofolo tsohle tseo Modimo a di beileng lefatsheng.
Bonang.
LENYALO LE HLALO
29
183 Ke ka hona Modimo a mo hanelang ho ruta Lentswe la
Wona. Ke hantle. Timothea wa Pele 2:9–15, “Ha ke dumelle
mosadi ho ruta, kapa ho laola ka tsela efe.” Le a bona?
Le Bakorinthe ba Pele 14:34, “Basadi ba lona ba kgutse
dikerekeng, hoba ha ba dumellwe ho bua, hoba ba laetswe ho
kgutsa; jwaloka ha Molao le wona o bolela.” Empa, kajeno,
kereke e etsang? Ba mo etsa baruti, baevangedi, hodima
Bibele e e hana ka botlalo. Mme Bibele e boletse, “jwaloka
ha Molao le wona o bolela,” ho e mathisa ka tatellano, ntho
yohle.
184 Hantle feela kamoo Konyana e ne e le kateng, bosiu
bo fetileng, yona feela nqalo ya ho rapela, tlasa Madi a
tsholohileng a Konyana. Ke yona feela nqalo kajeno, ka ho
Kreste. Kamoo le sebetsang kateng ke ho kena ka ho Yena.
Ke yona feela nqalo ya ho rapela. Esale ho le jwalo kamehla.
Nqalo feela ya ho rapela ke tlasa Madi a tsholotsweng.
185 Ka hona jwale re bona setshwantsho sohle sa yona se
phuthullelwa rona. Ke eo moo a leng teng. Ke ka baka leo
Modimo a sa mo dumelleng ho ruta, a ke keng a mo dumella
ho etsa ntho efe feela ka kerekeng haese ho dula ka kgutso ka
sefahleho se dihlong.
186 Jwale le ka bona hobane’ng ke buile dintho mme ke entse
tseo ke di entseng, ke ntse ke tseba tsena tsohle pelong ya
ka, moena, dikgaitsedi? Ke a tseba, dikgaitsedi, ke^le na
le sebaka sa lona (motsotsong feela), le semelo se setle seo
Modimo a ka se bopang ka ho lona. Empa ke leka ho bua
ke lebisitse lehlakoreng le leng, ho le bontsha moo le tswang
teng hantle ho tloha, “tshimolohong.” Jesu o re boleletse, ho
“kgutlela morao tshimolohong,” ho e fumana. Ke seo re se
etsang.
187 Jwale ke ile ka tlameha ho ama dintlha tsa sehlooho nthong
ena, mme kea tshepa le a e utlwisisa. Mme lona batho ba tla be
ba mametse teipi ena, kea tshepa le a utlwisisa. Kgutlelang
morao feela. Ke ho bontsha feela hore Jesu o itse, “Kgutlelang
morao, ho tloha tshimolohong, mme le fumane.” Dintho tsohle,
kgutlelang morao tshimolohong. Le ka bona, kajeno.
188 Kgele, batho, ho thwe mohloyi–wa–basadi. Taba eo e hole
le Nnete. Ha ke etse jwalo. Ba hlaba mokgosi, “Mohloyi–wa–
basadi!” Hopolang, ba ne ba reile Pauluse mohloyi–wa–basadi.
Moreri wa mosadi, nakwana e fetileng, o n’a re, “Oh, o tshwana
le Pauluse wa kgale, sohle see a n’a loketse ho se etsa e le ho
kgetholla rona basadi.”
189 Mohalaledi wa Modimo, ya dumeletsweng ho ngola Bibele,
Testamente e Ntjha, mme o tsekisana le Mantswe a hae? O
boletse, “Ha Lengeloi le theohang Lehodimong le ruta ntho e
nngwe e sele ho Ena eo ke e boletseng, le rohakwe,” ha ke sa
bua ka moreri wa mosadi.
30
LENTSWE LE BUILWENG
190 Ba itse Elia e ne e le mohloyi–wa–mosadi. E ne e se
mohloyi–wa–mosadi, wa basadi ba makgonthe. O n’a mpa a sa
rate bo–Jesebele bao.
191 Mme ha ho le jwalo, jwale e tshwanetse e be le Modimo,
e tshwanela ho tshwana, hoba Yena ke Lentswe le tlang ho
baporofeta. Ka hona e tshwanetse e be e le Modimo, ka ho
tshwana, ka hona, le a bona, O tseba popo ya mantlha, “ho
tloha tshimolohong,” O ile a re, “ho tloha tshimolohong.”
Baporofeta ke bao Lentswe le neng le tla ho bona.
192 Mme O mo etseditse monna, mme monna ha a etsetswa
yena. Na le ne le tseba hoo, hore, “Mosadi o etseditswe
monna, mme monna ha a etsetswa mosadi”? Ke ba bakae
ba tsebang hoo? [Phutheho, “Amen.”—Mong.] Bibele e ruta
hoo. Ke hantle. O ne a filwe sebaka ka ho monna, pele tlolo
e fihla, tekano hodima tlhaho yohle. Empa “ka morao” ho
tlolo, jwale mona re kenya thero ena. Empa “ka morao” ho
tlolo, monna e ne e le mmusi wa hae, o tshwanela ho kgutsa
dinthong tsohle, jwaleka ka mora hoba qalo ya mantlha e
fete.
193 Jesu o boletse, “Tshimolohong ho no ho se jwalo.”
Ke mohla nako e ne e qala, mohla Modimo a ne a e etsa
pele popong ya Hae ya mantlha. Bohle ba utlwisisang,
e reng “amen” hape. [Phutheho e re, “Amen.”—Mong.]
Tshimolohong Modimo o hlodile e tona e le nngwe le e
tshehadi e le nngwe. Empa yaba mosadi o etswa a fapane le
diphoofolo, diphoofolong tse ding tsohle, bakeng sa thetso.
Jwale bonang jwale, “Tshimolohong ho no ho se jwalo.” O
ne a entswe, hola a dula maemong a mantlha, a ka be a sa
fetoha tlolo ho hang. Empa o hlahisitse tshito le tshitiso e
kgaotseng tatelano yohle ya Modimo, le ho lahlela lefu,
maswabi, le ntho e nngwe le e nngwe e sele, hodima lefatshe.
O entswe jwalo.
194 Jwale lemohang “ka morao” ho tshimoloho, ka morao
ho tshimoloho, hoba nako e qale; morao mono e ne e le
BosaFeleng, bo fetile. Lemohang, ka mora tlolo eo e tlisitsweng
ke Eva, ka mora tlolo, ho no ho hlokwa hore ho hlajwe selekane
se seng. Jwale hona ho tlil’o le kgopa, empa ke tla le fa Lengolo
ho paka hore hona ke Nnete. Jwale lemohang ka morao ho
tlolo, Jesu o boletse^Modimo, tshimolohong, o entse ntho ya
mofuta o le mong; empa jwale, ka mora tlolo, jwale re tshelela
ka nqane ho mono. Selekane se ne se leka–lekana; empa jwale,
ka morao ho tlolo, ho hlajwa selekane se seng. Jwale keha e sa
hlole e le mmusi–mmoho le yena, e mong le e mong o tshwanela
ho fuwa selekane se ikgethang.
195 Jwale a re boneng haeba e lokile. A re nkeng Genese 3, mme
re fumaneng haeba sena se lokile, jwale re sa tswela pele, hoba
re batla ho kgodiseha dinthong tsena, di a rutwa di ntshwa
LENYALO LE HLALO
31
hantle feela di nepahetse. Ha ho le jwalo mohlomong teng
mona re na le nakwana, hoba ha re sa le hole haholo le qetelo
jwale, ho finyella karolong e kwalang ya thero, ho bontsha
hobaneng le lebaka la dihlalano, le dintho tse jwalo. Jwale ho
Genese kgaolong ya 3, mme re tla qala jwale ka ya 3, le temana
ya 16. A re qaleng temaneng ya 14.
Yaba JEHOVA^o re ho noha, (jwale O tlil’o e
rohaka), Ereka ha o—ka ha o entse hoo, o rohakilwe
hara makgomo wohle,^hara diphoofolo tsohle tsa
naha; mme o tla tsamaya ka mpa ya hao, mme o tla ja
lerole ka matsatsi wohle a ho phela ha hao:
Ke tla bea hloyano mahareng a hao le mosadi, le
mahareng a peo ya hao le peo ya mosadi; mme peo
eo e tla o kgoba hlooho, mme o tla e loma serethe.
(Tshepiso, “e tlang ka mosadi,” Messia, ho lopolla.)
A re ho mosadi,^
196 Jwale shebang, jwale selekane sa noha ke seo. Athe, ba
ne ba ituletse hantle pele ho moo, tshimolohong, kapa pele ho
tshimoloho.
A re ho mosadi, Ke tla o atisetsa mahloko ba hao
haholo–holo kemarong ya hao; mme o tla beleha bana;
ditakatso tsa hao di tla ba ho monna wa hao, mme o
tla buswa ke yena, ha ba sa hlola ba leka–lekana ho
hang.
197 Jwale o fetohile hantle, mme jwale mosadi ke mmusi.
A re ho Adama, Ereka ha o utlwile lentswe la mosadi
wa hao, mme wa ja sefate, seo ke o laetseng sona, ka
re, O se se ke wa^ja: lefatshe le rohakilwe (e seng ho
rohaka Adama, jwale) lefatshe le rohakilwe ke hona ka
baka la hao; mme o tla ja tsa lona ka thata ka matsatsi
wohle a ho phela ha hao;
Le tla o medisetsa ditshehlo le^meutlwa; mme o
tla ja jwang ba naha;
Mme o tla ja bohobe ba mofufutso wa phatla ya hao,
o be o kgutlele mobung; oo o ntshitsweng, ho wona:
hobane o lerole, mme o tla kgutlela leroleng.
198 Dilekane tse pedi. Jwale hoo ho phethela “tshimoloho,” ya
seo Jesu a se buileng, “Tshimolohong ho no ho se jwalo.” Re
fumana selekane se seng jwale. Lemohang, ke selekane se seng.
Jwale ho na le selekane bakeng sa sehlahiswa, le bakeng sa
kgwabi. Lemohang, tlolo e hlahisitse bothata, lefu, sebopuweng
ka seng sa hloleho, ntho e etsang phapang tlhahong yohle.
Jwale a re lemoheng seo Jesu a se boletseng ka, “ho tloha
tshimolohong ho no ho se jwalo.” Jwale ha ho jwalo “ho tloha,”
ho jwalo jwale ke ka “morao” ho tshimoloho. Jwale ho na le
selekane se menahaneng habedi.
32
LENTSWE LE BUILWENG
199 Pele e ne e le selekane feela, Adama le Eva ba leka–lekana,
monna a le mong le mosadi a le mong. Jwale mosadi o entse
sebe, mme (o etsa’ng?) hoo ho ba dihela lefung bohle, mme
Modimo o ne a loketse ho hlaba selekane ka hono, selekane se
seng. Ke sena moo se leng teng hantle mona ho Genese 3:16, O
hlabile selekane se seng.
200 Jwale lefatshe le tlil’o tlatswa, e seng ka popo ya mantlha
ya Modimo, jwaloka tshimolohong, e seng ka popo ya mantlha,
empa ka takatso ya motabo. Jwale taba eo e batalatsa
“tshimolohong,” ha e etse jwalo? Tshimolohong ho no ho ena
le monna a le mong le mosadi a le mong, e le nngwe e tona le
e le nngwe e tshehadi; empa eitse ha a tshela mola oo mme a
hlahisa sebe sena, jwale lefatshe le se le tla tlatswa hape, ka
motabo, e seng ka popo; ka motabo. Le bona moo mosadi a leng
teng jwale, jwale? Empa lefatshe le ngatafala jwang kajeno, ka
basadi.
201 Ke ka baka leo Jesu a na loketse ho tla ka mosadi, ho e
kgutlisetsa hape tshimolohong ya yona ya mantlha, takatso
ya nama e le siyo. O tswetswe ke morwetsana. Empa, allelua,
ho tla nako mohla e sa tlo hlola eba kopano ya nama, empa
Modimo o tla bitsa bana ba Wona leroleng la lefatshe, morao
kamoo ba neng ba le kateng qalong, e seng ka mosadi ofe
feela; empa ka ho boptjwa ha letsopa le ka masedi a khosmiki,
le petroleamo, O tla bopa hape jwaloka ha A entse Adama
nakong ya pele. Jesu o entse kgonahalo ena, ka hore Modimo
a Iketse Monna mme a tle lefatsheng e le hore A tle a shwe, ka
mosadi enwa. Jwale ke nako ya teko, ka sebe.
Jwale le a bona he, “ka mora” tshimoloho, ntho e nngwe e
ile ya kenngwa. Jwale taba ena e tlil’o le harola letswalo. Na
le kgathetse? [Phutheho e re, “Tjhe.”—Mong.] Dulang le thotse
nakwana hape.
202
Jwale ha selekane se menahaneng habedi se ne se
hlajwa ka monna le mosadi, ka kopano ya botho, selekane
se sele ruri (e seng selekane sa mantlha, empa selekane
se seng), jwale ho kenngwa eng? Sethepu, nthong tsohle.
Ebile, ka mora tshimoloho, sethepu se kenngwa bathong le
diphoofolong mmoho; ka morao ho tshimoloho, tlolo. Modimo
jwale, bobeding, o boela a rala tlhaho e ntjha, ka motabo.
Modimo o bopile ya pele ho se motabo. Le dumela hoo?
[Phutheho e re, “Amen.”—Mong.] Jwale ke selekane se seng
le tlhaho e nngwe, O e rala ka tsamaiso e sele, ka motabo.
Selekane sa bobedi: e tona e le nngwe, tse tshehadi tse ngata;
poho e tona ya kgama, sekgakgatha sohle sa dikgamahadi.
Na ho jwalo? Poho e le nngwe, mohlape wohle wa makgomo,
dithole; mokoko o le mong, serapa se tletseng dithojana. Na
ho jwalo? Davida a le mong, ya dutseng pelong ya Wona ka
Sebele, ka basadi ba makgolo a mahlano; bana ba lekgolo ba
203
LENYALO LE HLALO
33
tswallwang yena, selemong se le seng, basadi ba fapaneng,
monna ya dutseng pelong ya Modimo ka Sebele. Salomone
a le mong, ka basadi ba sekete. Empa lemohang jwale,
tshimolohong ho no se jwalo, empa jwale ke ka “morao” ho
tshimoloho. Mosadi o entse hona, mme o fetoha seo a leng
sona jwale. Le a bona?
204 Davida, morena ya neng a tshwantsha Kreste! Hopolang
taba eo mohopolong wa lona. Davida o na tshwantsha Kreste.
Le a e dumela na? [Phutheho e re, “Amen.”—Mong.] Kreste o
dutse, o tla dula teroneng ya hae. Mme Davida enwa, monna
ya dutseng pelong ya Modimo ka Sebele, o ne a ena le basadi
ba makgolo a mahlano. Le bona seo ke se bolelang? Davida
ka basadi ba hae ba makgolo a mahlano, Salomone ka sekete
sa hae. Mme Salomone ke mora wa Davida, nameng; taba e
tshwantshang Jesu Kreste, Mora wa Davida, moyeng. Empa
moo ke nameng, bophelo ba thobalano. Bona e tla ba ba
semoya, ho boptjwa. Hobane’ng? Ho boptjwa. Le a bona, ho no
ho le jwalo tshimolohong, empa e seng jwale bophelong bona
boo re phelang ho bona jwale.
205 Lemohang, le se ke la hloleha mona jwale, e kenyeng
dipelong tsa lona. Empa ha ho le a mong wa basadi bao ya
neng a ka ba le monna e mong. Monna ke mmopo wa mantlha,
e seng yena. Ha ho le a mong ho basadi bao ya neng a ka ba
le monna e mong, empa monna eo a le mong o na ka ba le
basadi ba sekete. Ke HO RIALO MORENA. Ke Bibele. Jwale
ke kgutletse morao, ka nka nako ya ka mme ka le bontsha
kwana moo e qadileng, seo Jesu a se boletseng. Jwale na le e
bona ka ho hlaka? Ba ka ba le ba bangata^
206
“Oh,” le re, “e ne e etseditswe Iseraele feela.” Ho jwalo?
Mohla Abrahama a ne a nka Sara a theohela naheng
ya Filesta, ho no ena le morena tlase mona ya bitswang
Abimeleke. Mme Sara a le dilemo tse lekgolo, hantle ho
tsona, empa o ne a fetoletswe ho mosetsana mme a entswe
botle. Na le a e tseba? [Phutheho e re, “Amen.”—Mong.] Ke
hantle. Mme Abimeleke a mmatla hore e be mosadi wa hae.
Le hopola Molaetsa waka ka yona? Abimeleke o na batla ho
etsa Sara mosadi. Mohlomong a ena le sekgakgatha, empa
o ne a ke ke a mo nka ha feela a nyetswe ke Abrahama. Ka
hona Abrahama a re ho Sara, “E re o ‘kgaitsedi ya ka,’ hoba
o tla mpolaya a tle a o fumane.” Hobane’ng a sa ka a tebela
Abrahama naheng eo feela, mme a nka mosadi wa hae mme
a tswelapele? E ne e se molao wa badumedi feela, empa ho
batho bohle tlholehong. Moetsadibe kapa mohalaledi, o jere
boikarabelo, monna, ka baka la diketso tsena. Eo e ne e le
morena wa mohetene. Ke ba bakae ba tsebang hore pale eo
ke nnete? [“Amen.”] Ke Bibele, Genese, mohlomong kgaolong
ya 16, ke a kgolwa.
207
34
LENTSWE LE BUILWENG
208 Le a lemoha, Abimeleke a ka be a inketse yena hore e be
mosadi wa hae. A itokisetsa ho nka ngwanana e motjha enwa
wa Moheberu. Mme a re, “Enwa ke^” A re, “Ke moholwane
wa ka eo.”
A re, “Ke kgaitsedi ya ka.”
209 Mme Abimeleke a re, “Ke tla mo nka ke mo etse mosadi
he.” Na le ka nahana ka monna ya etsang ntho e kang eo?
Empa o e entse.
210 Mme ebile ka phirimana eo, a sa ya robala, Morena a
iponahatsa ho yena torong, mme a re, “Abimeleke, o se o le
monna ya shweleng.” E le ha A sireletsa hoo, mophula oo wa
madi a bo–Jode mono, le a bona. A re, “O se o le monna ya
shweleng. Mosadi eo o itokisetsang ho mo nyala ke wa monna e
mong.”
211 A re, “Morena, o tsebile ho hlweka ha pelo ya ka.” A re,
“Na ha a ka a re ho nna e ne e le ‘moena’ wa hae? Na yena ka
sebele ha a ka a re, ‘Ke kgaitsedi ya ka’?”
212 A re, “Le Nna ke tseba ho hlweka ha pelo ya hao, Ke bile
ke o thibetse ho Ntshitelwa.” Na ho jwalo? A re, “Busetsa
mosadi wa hae, hoba monna eo ke moporofeta wa Ka. Mme
ha o sa mo buseletse mosadi wa hae^Mme o re a o rapelle, e
seng moprista wa hao. Ha a sa o rapelle, ho fedile ka setjhaba
sohle sa hao.” Amen. Mohau o makatsang ke oo. Hantle. “Ho
fedile ka setjhaba sa hao sohle. Ke mosadi wa monna eo, mme
ke moporofeta wa Ka.” Amen. Ke HO RIALO MORENA. Ke
Lengolo. Hantle.
213 Jwale re fumana hore, lefu le bakilwe. Lefu le bakilwe ke
sebe sa mosadi, se tlile ka mosadi e seng monna. Ka baka la
ho phela bophelo ba hae, le ka yena, ho tlile lefu lohle. Tsela
ya hae ya ho tlisa bophelo ke ka lefu. Ke ba bakae ba tsebang
hoo? Jobo 14, ha le batla ho ngola Lengolo fatshe.
214 Ke tshwere, ha le botsa sena, ke na le Mangolo a ngotsweng
bakeng sa nthwana ka nngwe ya sena.
215 Ha le batla ho bala Jobo 14 mona, E re, “Motho ya
tswetsweng ke mosadi o na le matsatsi a se makae, mme o
kgotshe ditsietsi.” Na ho lokile? “O mela jwaloka palesa,
o a kgaolwa, o a feta,” le jwalo. Le a bona? Motho ya
tswetsweng ke mosadi, o tswaletswe lefung hang feela ha a
fihla.
216 Empa ha a tswallwa popong ya Modimo, a ke ke a shwa; o
tswa Sefateng se seng se neng se le tshimong ya Edene, Kreste.
Bophelo bo sa Feleng bo tla ka Sefate.
217 “Oh,” o re, “e ne e le sefate?” Ehlile. “E, ba itse, ‘O se ke wa
ja sefate sena.’ Modimo o itse, ho Genese morao mane, ‘O se ke
wa ja sefate sena.’”
LENYALO LE HLALO
35
218 Kgele, mosadi ke sefate. Ke sefate sa tholwana. Wena o
tholwana ya mmao. Tholwana ya popelo ke wena. Ke hantle.
Mme jwale he tholwana ya Sefate sa Bophelo, se neng se le
tshimong ya Edene, ke Kreste. Ka mosadi ho fihla lefu; ka
Monna, popong ya ho qala, ho fihla Bophelo. Ho tswalwa ke
mosadi ke lefu; ho tswalwa ke Kreste ke Bophelo. Le fumana
mohopolo? Ke hona moo. Jwale le bona moo modimo wa
mosadi a ileng teng, ha ke re?
219 BoAdama le Eva ba pele ba ne ba tshwantsha boAdama
le Eva ba bobedi, le a bona, katiso. Jwale boikatiso ba Adama
le Eva e ne e le ka kopano ya nama, ho ngatafala lefatsheng,
empa tshimolohong ho no ho se jwalo. Modimo o no o entse e
tona le e tshehadi feela, jwaloka ha A entse dibopuweng tse
ding, le a bona, semolao, jwaloka Kereke feela.
220 Jwale ha rona, tekolong ya Dinnete tsena tsa Modimo tse
netefaditsweng, re ke re hlahlobeng ho ya pejana, ha le batla.
[Phutheho e re, “Amen.”—Mong.] Ke hantle. Jwale taba ena e
ka thonkga ho se hokae ho fihlela re fihla botebong ba yona, ke
mpa feela ke tla le bontsha Nnete ya yona.
Ha ho modisa ya ka nyalang mohlolohadi. Na le ne le tseba
seo? Le batla ho e bala? Ke hantle, fetelang ho boLevitike,
Levitike 21:7 le Ezekiele 44:22, mme E tla le bontsha hore
boprista bo ne bo sa lokela ho nyala mosadi ya amilweng
ke monna. Papiso ena ke ya Monyaduwa wa Jesu Kreste
wa morwetsana, hoba ba ne ba tshwara Mollo wa Modimo,
baprista e, bara ba Arone. Ha re na nako ya ho Le bala kaofela,
mme re tswe hara mpa ya motshehare, re sa na le metsotso
e mashome a mabedi. Mme bao ke bara ba Arone ba neng
ba tshwara e—e—e Mollo wa Modimo, ka hona ba ke ke ba
nyala mosadi ya anngweng ke monna e mong. Modimo o sa
fetoheng o itsalo. Ba ke ke ba nyala mosadi e mong, le mosadi
ya anngweng ke monna, ho bontsha ka papiso mona, ha le
batla ho e bona, hore Kereke ya Modimo o phelang e hlwekile,
ha e a silafatswa, Lentswe la Modimo, mme ha se phutheho ya
bodumedi e anngweng ke motho.
221
222 Lemohang, ha re baleng taba ena mona. E le mokgwa wa
ho le fetisetsa taba ena. Mattheu 5, Jesu o buile mona ka ntho e
nngwe e bohlokwa–hlokwa ruri. Re batla ho e bona, Mattheu 5.
Ke ngotse nthong ya ka^
223 Ke tshwaile tse ding tsa dintho tseo ke neng ke batlile ho
di bua ho monna feela, ka hona ke bile le nakwana ya ho e bua
pejana feela ho dikgaitsedi tsa rona. Empa ke batla ho—ho
tswela mona pele^
Jwale, kgaitsedi, ke batla ho o bea madulong ao Lentswe la
Modimo le o tshepisitseng wona, mme o hlokomele ke hona ho
dula madulong ao, hape.
224
36
LENTSWE LE BUILWENG
225 Mattheu 5:32. Ke batla hore le lemohe mona, ho tshehetsa
oona mohopolo oo wa “a le mong,” le “ba bangata.” Mattheu,
mashome a mararo–^Ke nahana ke Mattheu 5:32, 31 ho qala
feela.
Ho boletswe hape ho thwe, Motho ha a hlala mosadi
wa hae, a mo nee lengolo la hlalo:
226 Ke Jesu ya buang, Yena ya itseng, “ho tloha tshimolohong.”
Jwale hlokomelang.
Empa nna ke re ho lona, Motho leha e ka ba mang
le mang ya hlalang mosadi wa hae, ha e se^baka la
mafebe, o mmea hore a fetohe mofebi; le a bona, leha
e ka ba mang le mang ya hlalang mosadi wa hae, ha
e se^baka la bofebe; o mmea hore a fetohe mofebi:
(hobane’ng? o tla boela a nyalwa) mme e mong le e
mong ya nyalang mosadi ya hladilweng o a feba.
227 Le a bona, o na le monna ya phelang, ka hona ha ho monna
ya ka mo nyalang. A ka etsa eng le eng eo a e etsang le hore
ke mang, o na le monna ya phelang, ha a na mabaka ho hang.
Empa, hase, sebakeng sa monna. “O bea mosadi hore,” e seng
monna. Le a e tshwara? Le loketse ho mathisa Lentswe ka
tatelano. Le a bona, ha ho letho le reng monna a ke ke a kgona,
empa yena a ke ke a kgona. Le a bona, “ho mmea,” e seng
monna. Ke seo Bibele e se bolelang ka nepo, “ho mmea.” Ha
ho buuwe kgahlano le monna ho nyala hape, empa “mosadi.”
Hobane’ng? Ke papiso ya Kreste.
228 Lemohang, ho thwe a ke ke a nyala, ha e se morwetsana
feela. A ka nyala hape. A ka kgona, a ka nyala hape ha e le
morwetsana, empa a ke ke a nyala mosadi wa motho e mong.
Le ho leka. Mme ha a ka nyala mosadi ya hladilweng, o phela
bofebeng, ha ke tsotelle hore ke mang. Bibele e boletse, “E
mong le e mong ya nyalang mosadi ya hladilweng, o phela
bofebeng.” Ke lona bao, bahladi ba basadi ha ba yo.
Le bona qalo eo morao mono, “ho tloha tshimolohong,”
jwale? Ho nyala hape, jwale lemohang, yena a ka kgona, empa
yena a ke ke. Jwalo ka Davida, jwalo ka Salomone, jwalo ka
tatellano yohle ya Bibele, jwale, jwalo ka Davida le ba bang
bohle.
229
230 Jwale le a lemoha ho Bakorinthe ba Pele 7:10, lemohang,
Paulose o laela hobane mosadi ha a le teng, ya hlalang monna
wa hae, a itulele a nnotshi kapa ho boelana, e seng ho nyalwa
hape. Eka kgona a itulele a nnotshi, kapa a boelane le monna
wa hae. A ke ke a nyalwa hape. Eka kgona a itulele a nnotshi,
empa, lemohang, ha a bua letho ka monna. Le a bona, le ke ke
la buisa Lentswe leshano. “Ho tloha tshimolohong,” molao wa
motabo ka sethepu. Jwale, Lentswe la Modimo le matha ka
nepahalo le tlhaho ya Modimo, le matha ka tatellano.
LENYALO LE HLALO
37
231 Le bona kamoo ho nang le sekolo se ileng botjhabela, mme
seng se ile bophirima, ka yona? Le loketse ho kgutlela Nneteng
hape, ho fumana seo e leng sona.
232 Esale ho le jwalo, ke selekane sa kamehla le Modimo
ho tloha tshimolohong. Pele, pele ho tshimoloho, ho tloha
tshimolohong ho ne ho e na le e nngwe homme e nngwe feela.
Ka mora hoba sebe se kene, ebile ho ba le monna a le mong le
sehlopha sa basadi; e matha jwalo tlhahong, phoofolo e nngwe
le e nngwe, mme batho le nama ya tlholeho ke phoofolo. Re
dinyantshi, re tseba seo, rona bohle, le a bona, mme tsohle ke
tlholeho ya Modimo tatelanong.
233 Empa jwale erekeha Ditiiso di butswe, Moya wa Nnete o re
tataisetsa Lentsweng. Hoo ho hlalosa lebaka hobaneng diphoso
di bile teng ho theosa jwalo mengwaheng, hobane Ditiiso di ne
di sa bulwa, taba Ena e ne e sa senolwa. Ke nnete.
234 Lemohang, lona, le ke ke la etsa hore diriti di hlolehe.
Jwaloka ha ke le reretse phirimaneng ya maobane ka seriti se
sirelang fatshe, se tshwanetse ho tswa se lokile. Ho ka ba le
seriti sa tlou jwang se sirelang fatshe se etla, homme seeshana
sa monna, mothwana ya fokolang ebe tlou, kapa tlou ebe
monna, seeshana sa motho?
235
Jwale ha le ka e lemoha e le papisong e phethahetseng.
Jwale, ho na le mosadi wa nnete, mosadi wa nnete,
morwetsana, ya nyalwang ke monna wa hae, mme a phele,
mme ke ntho e hlohonolofetseng ho monna. Hola Modimo a ka
nea mora wa Hae ntho e bohlokwa ho feta mosadi, O ne a ka
mo fa hono.
236
237 Empa o bopetswe ketso ya thobalano, mme ha ho phoofolo
e nngwe e radilweng jwalo. Ha ho sebopuwa se seng lefatsheng
se radilweng jwalo. Ke ka hona le bonang sethepu, ke ka baka
la hoo. Ke yona ntho e se kentseng.
238 Jwale bonang, hlophollong ya ho qetela, bonang, ho na
le Jesu Kreste a le mong (na ho jwalo?), Monna a le mong,
Modimo, Immanuele. Na le dumela hoo? [Phutheho e re,
“Amen.”—Mong.] Empa ditho tsa Mosadi wa Hae di ngata, le
a bona, dikete atisa ka dikete tsa dikete (na ho jwalo?), Mosadi
wa Hae, Monyaduwa, Kereke. Le a utlwisisa jwale? [“Amen.”]
239 Ke baka leo A itseng ho Adama, le pele thobalano e
hlahiswa kapa e kenngwa, “Ngatafalang, le tlale lefatshe,” a sa
le tshimolohong, e sa le botona le botshehadi ka ho yena. Mono,
ho bontsha he hore Monyaduwa e ka kgona a tswe Lentsweng,
ka katiso ya semoya, dikatiso, le a bona, ho tlatsa lefatshe.
Jwale ketsong ya thobalano, le a bona, dikolo di lobokantse
dintho tseo tse pedi. Ka baka leo le ke ke la e etsa, le loketse ho
e kgutlisetsa Nneteng ya yona hape, “tshimolohong.”
240
38
LENTSWE LE BUILWENG
241 Mme qetellong ho tla ba le Morena Jesu a le mong,
le Monyaduwa wa Hae ka bongata, bonngweng. Le a e
tshwara? Ho no ho ena le Davida a le mong teroneng, morena
a le mong (ya pelong ya Modimo ka Sebele) ka basadi ba
makgolo a mahlano. Jesu o dutse Teroneng ya Hae, allelua,
dilemong tse Sekete, ka Mosadi; jwaloka ha ho etsahetse
tshimolohong, ya bopilweng a tswa leroleng, ka letsoho la
Modimo o Matlawohle, tsohong, ka ditho tse ngata. Ke lona
bao.
242 Basadi, le phehelle ho ba hoo, kenang ka ho Kreste,
ebile ha le na ho kena ditshileng tse nyonyehang kantle
mono. Empa ha feela o le setho sa kereke o leka ho phela
ka boitshwaro le ka toka, ka bowena, o ke ke wa kgona. Le
jwalo monna a ke ke a kgona ka ntle ho Kreste. Jwaloka
ha Paulose a tsweletse pele ho bolela, “Empa ba leng ka
ho Kreste, ha ho monna kapa mosadi.” Ke ntho e le nngwe
bohle.
243 Empa ho otlolla taba ena ya Lenyalo Le Hlalo, le tle le
tsebe se neng se lokile le se neng se le phoso, jwale O bontsha
ka ho hlaka mona dipapisong tsena. Ho na le Kreste a le mong;
le ditho tsa Mosadi eo tse ngata. Lemohang, A ka re hlala ka
baka la bohlola ba semoya le thuto ya bohata, nako le nako
ha A batla; empa le ka hla la leka jwang ho Mo hlala, mme la
tswella? Monna a ka hlala mosadi wa hae mme a nyala e mong;
empa e seng mosadi a hlale monna wa hae mme a nyalwe
ke e mong. Na le bona ha diriti tsohle le dipapiso mono di
leka–lekana ka ho phethahala? Bonang popo ya mantlha; ha se
kgwabi kae kapa kae. E seng kereke; Monyaduwa ka Lentswe.
E seng mosadi; monna, nako le nako. Ke ka hona e sa bueng
letho kgahlano leha monna a e etsa; ke mosadi kamehla. Ke
teng.
244 Empa ekaba Monyaduwa wa Kreste, ka ho ba^Mme
hopolang, ka ho ba karolo ya monna, Bibele e boletse hore
a ka kgona fee–^ “Ha ke dumelle mosadi ho ruta, kapa ho
busa, empa e le ho ikgutsetsa. Hoba ke Adama ya entsweng
pele, e ntano ba Eva. Mme ha se Adama ya thetsitsweng, empa
kgwabi ke yona e thetsitsweng. Empa o tla bolokeha ha a hlola
kgalalelong le ka phadimeho, mme a tswala bana, le dintho tse
jwalo,” hoba jwale o fetoha karolo ya monna enwa. Ke yona
ntho e tlisang^
245 Hobaneng Abrahama a sa^Hobaneng Modimo a sa ka a
bolaya Sara a dutse mono hantle, a latola, mme a bua leshano
hantle ka pela sefahleho sa Modimo? A dutse mono jwalo ka
Monna ya buswang ke lefu, a ja nama, a ja bohobe, a nwa
lebese, mme A re, “Sara o tshehile ke’ng motsheo mono ka
morao,” ka mora Hae, ka tenteng, O ne a eso mmone, “a bolela
sena, ‘Dintho tsee di ka hlaha jwang’?”
LENYALO LE HLALO
39
246 A re, “Ha kea e bua ho hang!” Uh–oh, kgidi, o re Modimo
O leshano, sefahla–mahlo ka pela Hae? Empa A ke ke a mo
tlosa. Hobaneng? Ke karolo ya Abrahama. Amen. A ke ke a mo
utlwisa bohloko a sa utlwise Abrahama bohloko.
247 Jwale lona basadi bonang moo le tshwanetseng. Mme
Bibele e itse, “Lona basadi le be jwaloka Sara, ya neng a
itlhophile ka seaparo se tshwanelang, a phela ka botshepehi le
ka nnete ho monna wa hae, a mo rata hoo (yena) a mmitsitseng
‘morena’ wa hae,” mmusi, mong’a hae.
248 Mme lona, ba bang ba basadi, ba aparang tse ding tsa
diaparo tsena tse mpe mme ba tswela kantle mona ho itahlela
ka pela monna. Jesu o itse, “Ya shebang mosadi ho mo lakatsa
o se a mo febile pelong ya hae.” Jwale ke mang ya sitilweng,
monna kapa wena? Ke monna, o bopetswe hore a tle a etse
ketso ena, le a bona; mme wena o mosadi, ya lokelang ho
hana.
249 Mme hore’ng o itlhahisa jwalo? Ha se bakeng sa
phutholoho, o a tseba ho ke ke ha ba jwalo, hodima o
batla o hwamme ho isa lefung kahara marikgwana ao
a makgutshwane. O a bona, e ke ke ya ba ka baka la
boiketlo. Jwale he ke’ng? Ke bakeng la ditshila! O ke ke wa
e amohela, empa ke Bibele e rialong. Ke Nnete. Ke moya
o ditshila o kahare ho wena. Ha o batle ho ba ditshila;
empa ha o elellwe, semoyeng o ditshila, hoba o itlhahisa ka
mokgwa o ditshila.
250 Jwale, monna, ka mangwejana a hae a kgale, a ditshila, a
dikoto, mme le hola a sa apara diaparo ho hang, ho ne ho sa tlo
etsa phapang ya letho, mmele wa hae ha o hohele. Hobane’ng?
O ne a le popong ya ho qala, semelo; ho loketse jwalo, le a
bona. Empa, wena o kgwabi, ho eka ka yona.
251 Modimo, ak’o hauhele! Oh, kgidi, lefatshe le tletseng sebe!
Ke tla thaba mohla le fedileng.
252 Lemohang, A ka hlala mosadi wa Hae nako le nako ha A
batla, empa yena a ke ke a Mo hlala; A ka mpeha, A ka ntahlela
leroleng nako le nako ha A tlelwa ke kakanyo eo, empa, oh,
moena, ke se leke ho Mo lahlela mono le ka mohla, ho fedile ka
nna.
253 Salomone o ne a ka nyala mosadi ofe feela ya neng a sa
nyalwa, o ne a ka nyala mosadi ofe feela a neng a mmatla.
Moprista o ne a ka nyala mosadi ya neng a e–so angwe.
Salomone^
254 Jwaloka Davida, o ile a nyala (lebitso la hae e ne e mang?)
Abigale. Etswe, ho no ho ena le monna ya bitswang “sethotho,”
a e–na le mosadi ya kgabane, mme a shwa. Mme Abigale a
nyalwa ke Davida; e ne e le morena, e seng moprista, le a bona,
ka hona a—a nyala.
40
LENTSWE LE BUILWENG
255 Empa moprista a ke ke a etsa hoo, hobane o se a amme
kapa o nkile mosadi wa monna e mong hore ebe mosadi wa
hae. Ha ho le jwalo hoo ho bontsha borwetsana ba Kereke
ya Morena Jesu Kreste, Monyaduwa o tla lokela ho hlweka,
Lentswe, ho se be Lentswe le haellang kae kapa kae. Ruri.
Na le ka akanya ka monyaduwa ya lokileng, letswele le leng
le kgaohile, mme, le leng, ntho e nngwe e le phoso, le a tseba?
Hoo e ke ke ya ba Monyaduwa wa Kreste. O phethahetse. Ke
Lentswe nthong e nngwe le e nngwe, ha ho Lentswe le le leng
le hlolehang kae feela. Tjhe.
256 Lemohang, A ka mo hlala, empa mosadi a ke ke Mo lahla.
O se a kile a e etsa, mme a e paka, matsatsing a Luther, Wesley,
le Pentekosta, mohla ba hanang ho fetoha karolo ya Hae e
tswelang pele ka ho kena kamanong kopanong ya semoya e
leng ho emariswa ke karolo e ntsheletsang pele ya Lentswe. Le
a utlwisisa? O ile a hana. Kereke ya Lutheran e hanetse Kreste
ho ba le takatso e nngwe le yona; Luther o ile a hana hono.
Mme a nke ke bolele hona, etswe le tla mpitsa ka mabitso; ho
jwalo le kajeno ka e nngwe le e nngwe ya tsona, di sitwa ho
nka Lentswe, di hana Kreste!
257 Mme mosadi e mong le e mong ya hanelang monna
ngwana wa hae, ha a lokelwa ke ho ba mosadi wa hae. Amen.
Le hopola, ka Bibeleng, mohla morena a ne a nyala Esthere?
Ka hobane mofumahadi a hanne, a inkela e mong feela. Mme
ha^Ha etsahala’ng mohla a hanang ho tswa le morena
le ho mo mamela? Ho jwalo le ka mosadi ya hanang ho ba
mofumahadi monneng wa hae.
Mme ho jwalo le ka kereke e hanang ho emariswa
mongwaheng oo re phelang ho wona jwale, ho tswala bana
ba mongwaha wona. Ha re maLutheran, ha re maWesleys, le
jwale ha re maPentekosta! Re loketse ho ba bana ba mongwaha
wona, ka kemariso ya Lentswe la Modimo, ho tswala Ngwana
wa mongwaha wona, Ngwana wa Peo. Amen. Ke a tshepa hore
le a utlwisisa. Ha ba ka ba kgona ho emariswa, tjhe, ka baka
leo A etsa’ng? A mo lahla, hlalong. Ke hantle. Empa yena a
mpe a se leke ho Mo lahla. O ile a lahla mosadi.
258
A nna a tswela pele ho senolela Mmele Lentswe la Hae,
le ho Mo netefatsa, ka ho tshwana, ka boYena. Bana ba Hae
ba qala ba nka tshobotsi ya Hae ho feta, hoba Le butswa ka
mokgwa o tletseng, kapa, ba fetoha bana ba Lentswe, e seng
bana ba kereke. Bana ba Lentswe! Mme Monyaduwa etlaba
Mofumahadi e monyenyane ya ratehang wa Lentswe, ya
hlwekileng, ya sa angwang ke mekgatlo efe feela ya motho,
kakanyo efe feela e entsweng ke motho. O tla be a hlwekile a
se na sekodi, Monyaduwa wa Lentswe! Amen hape amen! Ke a
tshepa le a e tshwara, ka ntle moyeng. E tla be e le moradi ya
emarisitsweng wa Modimo.
259
LENYALO LE HLALO
41
260 Le bona tlotla e kgolo eo mosadi a ka bang yona? Le bona
ntho e kgolo eo kereke e ka bang yona, empa na le bona moo
ditshila di e beileng teng? Ebe moo le lekang ho bapisa kereke
eo kantle mono le Kereke mona, le ke ke la etsa jwalo. Le
ho leka ho bapisa sehlola sa seterata le Kereke ya Modimo o
phelang; kapa mosadi, mosadi ya imametseng, le sehlola?
Hobane’ng ntho e jwaloka eo e le teng? Ke molao wa
Modimo, molao wa kgohlano. Re ka kgona jwang ho thabela
mahlasedi a letsatsi hola bosiu bo le siyo? Re ka kgona jwang
ho thabela boso bo ommeng hola pula e ne e le siyo? Re ne re
tla tseba jwang ho thabela le ho hlompha mosadi wa sebele,
hola ya ditshila a le siyo?
261
Ho tswela pele hantle ho Le senola, ho senola Lentswe la
Wona, empa e mong wa rona a ke a itete sefuba a se leke ho Mo
lahla mme a nyale e mong.
262
Jwale ruri e totobetse hobane’ng mehopolo eo bobedi e le
phoso. Le ke ke la e mathisetsa nq’a ena, ho fedile ka yona; ha
le e mathisetsa ka mane; e tla matha e kodumele ka nqane ho
tshepiso. Tshepiso ke ena, ntho ke ena hantle mona. Lentswe ha
le thulane. Le loketse ho itulela tatelanong jwale, ho jwaloka
ha Matheu 28:19 e sa thulane le Diketso 2:38.
263
264 Jwale, ba bang ba lona basadi, ba bang ba lona banna, ke—
ke a tseba hore le—le hanana le Yona. Hoba, le a tseba, le ke ke
la pata hoo hona jwale. Le ke ke.
265 Empa e re ke le bontshe ntho e nngwe. Ha eba Mattheu 28:19
e itse, “Eyang ke hona, le rute ditjhaba tsohle, le ba kolobetsa
ka Lebitso la Ntate, le la Mora, le Moya o Halalelang,”
mme yaba ba hlanoha, mme motho mang le mang ya kileng
a kolobetswa a kolobeditswe kgahlano le hoo, a kolobetswa
ka Lebitso la Jesu Kreste, hoba esita le mongwaheng wohle
wa Bibele le dilemong tse makgolo a mararo ka morao ho
mongwaha wa Bibele, ho ya fihla Nicaea Council. Yaba ba
hloma ditshomo ditulong. Phapang ke efe, haeba e sa senolwa?
266 Mme na le a tseba hore Buka yohle, Bibele yohle, ke
tshenolo? Ke ka hona le lokelang ho tseba nnete pakeng tsa
ntho ena le e nngwe, ke kahobane E le tshenolo. Mme tshenolo
e tshwanetse ho nepana le Lentswe, e seng kgahlano le
Lentswe. Le ka re, “Be, nna, ke e senoletswe.” Jwale ha e le
kgahlano le Lentswe, ha e ya ka ya tswa ho Modimo le ka
mohla. Ke hantle.
267 Jwale ha le batla ho nka Mat–^Mattheu 16:18. Jesu o
boletse, ka sebele sa Hae, hore Kereke yohle, Kereke ya Hae,
etlabe a theilwe hodima tshenolo ya Hae ya moya, e leng
Lentswe. “Ke re ho wena, o Petrose^Mme ha se nama le madi
tse o senoletseng hona, empa Ntate wa Ka ya Lehodimong o o
senoletse yona. Me hodima lejwe lena^”
42
LENTSWE LE BUILWENG
268 Jwale, ke a tseba, metswalle ya rona ya Katolike mono, le
re, “E hahilwe hodima Petrose, mme Petrose boapostola, ka
hona, Sekete–kete, tumelong ya boapostola, hlahlamanong.”
Maprotestanta ba itse, “E hahilwe hodima Jesu Kreste.”
269 E seng ho fapana, empa ho nka seo A se boletseng feela!
O itse, “Nama le madi ha di a o senolela hona, empa Ntate
wa Ka ya Lehodimong o senoletse hona. Mme hodima lejwe
lena, tshenolo ya semoya ya hore Lentswe ke eng, Ke tla haha
Kereke ya Ka; mme dikgoro tsa dihele di ke ke tsa E heletsa.”
Mosadi wa Hae a ke ke a ekwa ke monna e mong. “Ke tla haha
Kereke ya Ka, mme dikgoro tsa dihele di ke ke tsa E heletsa.”
270 Le Abele le Kaine, tshimong ya Edene. Kaine o ile a ntsha
kutlwisiso ya hae ka sebele, o itse, “Jwale, shebang, Modimo ke
Modimo o lokileng. O ka hodima hlolo yohle, ka hona ke tla kga
dinawa le ditapole, mme ke tla fumana e—e dipalesa, mme ke
Mo etsetse aletare e ntle haholo.” Ke kereke eo. A kgumama. O
ne a dumela Modimo. A rapela Modimo, a phahamisa matsoho
a hae, mme a neela sehlabelo sena. A etsa ntho e nngwe le e
nngwe ya borapedi e entsweng ke Abele.
271 Abele a haha aletare e tshwanang. Empa eitse ha Abele a
tlisa ya hae, a tla le konyana. Jwale, Kaine a hopola jwalo, ha
a ne a etsa sehlare sa sebe, hore ntatae le mmae ba tshwanetse
ba be ba jele tholwana, jwaloka ha ba rutilwe tshimong. Empa
Abele, ka tshenolo e Kgethehileng, a tseba hore e bile madi a
e entseng. Ka tshenolo e Kgethehileng! Mme Bibele e boletse
ho Baheberu, kgaolong ya 12, kgaolong ya 11, hore, “Abele, ka
tumelo, tshenolo, o hlahiseditse Modimo sehlabelo se fetang sa
Kaine, mme Modimo o pakile hore o ne a lokile.” Na ho jwalo?
[Phutheho e re, “Amen.”—Mong.] Amen! Moena, kgaitsedi, e
hlakile jwalo feela ka ntho efe feela e ka bang teng, ho nna.
Ntho yohle ke eo.
272 Jwale mabapi le Lenyalo Le Hlalo, le a bona, e loketse ho
senolwa. Ho fihlela e senolwa, ha o e tsebe. Empa O tshepisitse
matsatsing ana a qetelo, mongwaheng ona, hore sephiri ka seng
se patilweng ka hara Bibele se tla senolwa. Ke ba bakae ba
tsebang hoo? Tshenolo, kgaolo ya 10! Jesu o e tshepisitse, hore
diphiri tsena tsohle tse patilweng mabapi—mabapi le Lenyalo
Le Hlalo, diphiri tse ding tsena tsohle tse bileng teng, di tla
senolwa nakong ya qetelo. Jwale le a hopola, Lentswe le itse,
“Eya Tucson.” Le hopola Lesedi le mohlolo sebakeng; Mangeloi
a supileng a eme mono; ho kgutla, le ho manolla ya Ditiiso tse
Supileng? Hlokomelang se ileng sa etsahala. Hoo ho nepahetse.
273 Jwale ho tswela pejana hape. Empa jwale, utlwang! Ke a
tseba nako ya lona ya ho ya ja e a fihla, empa ke ja ha monate
feela. [Phutheho e re, “Amen.”—Mong.]
274 Lemohang, jwale, mosadi o na le sebaka sa hae, mme ke
lehakwe le theko e hlokwang. Salomone, monna enwa ya
LENYALO LE HLALO
43
neng a e-na le basadi ba dikete tse leshome^kapa a ena
le basadi ba sekete, ke rialo, o boletse ho re, “Monna ya
fumaneng mosadi, o fumane ntho e molemo.” A re, “Mosadi
ya molemo ke lehakwe le hlokwang moqhakeng wa hae,”
ke tlotla eo. “Empa ya kgopo ke metsi mading a hae,” boo
ke bophelo ba hae. A re, “Ho ka ba le monna a le mong ya
lokileng ho ba sekete,” Salomone o boletse hona, “empa,” a
re, “o ke ke wa fumana mosadi a le mong ya lokileng ho ba
sekete.” Salomone o itsalo, le a bona. Jwale le lemohe seo, ka
moo ho leng kateng.
275 Empa, o a bona, mosadi, o a—o lehakwe le hlokwang ha o
batla ho ba lehakwe le hlokwang, empa takatso e loketse ho
ba ho wena. Mme na le a bona hore’ng Lenyalo Le Hlalo di
bile teng, morao kwana moo Jesu a supileng teng, ke kahobane
sesosa sa sebe sohle e le ba mofuta wa hao. Ke ka hona sethepu
le hlalo, le dintho, di ileng tsa kenngwa. Tshimolohong ho no
ho se jwalo le ka mohla, mme ho ke ke ha ba jwalo lefatsheng
leo le ka kwana.
276 Shebang Jakobo, eo bapatriareka ba tswang ho yena.
Bonnyane o ne a ena le basadi ba leshome le metso e mmedi.
A nyala dikgaitsedi tse pedi, mme a ena le basadi ba dinyatsi
ka thoko ho moo, basadi ba seng molaong bao a neng a dula
le bona. Mme bapatriareka bao ba tswetswe ke basadi bao
ba dinyatsi. Na ho jwalo? [Phutheho e re, “Amen.”—Mong.]
Le a bona, le loketse ho etsa hore Lentswe le mathe ka
thello.
277 Oh, ke tshwere maqephe–qephe a tsona. Hore ha tshebeletso
ya bodisa e ka tshoha e mpotsa ka yona, mme re ka kopana, re
ka e bua. Empa ruri, haeba a ena le moya wa letho, a ka bona
hantle mona hore ke Nnete. Ha ho potso Teng.
278 Mosadi ya molemo ke ntho e kgabane. Ke tseba seo. Ke
tseba basadi ba makgonthe. Ke kopane le basadi ba makgonthe
ba sebele, ba makgonthe jwaloka monna ofe feela ya kileng a
tsamaya.
279 Ke kgwabi mme ke phatsa ya hae, mme tlolong o ile a
mo mamela. O feela^Ke karolo ya hae. Empa, ho ho yena,
o bopetswe hore a be ditshila, mme o filwe tokelo ya ho hana
kapa ho amohela. Taba eo e hohlana le popo ya mantlha
tshimolohong, le a bona, empa ke lona bao he.
280 Jwale ke hora ya leshome le metso e mmedi, ka hona ke tla
tlola ntho e nngwe mona metsotso e mmalwa. Ke batla ho le
botsa ntho e nngwe.
281 Jwale, hopolang, ke bua taba ena ho sehlopha sa ka feela.
Mme ka ntle moyeng, ke bua taba ena ho balatedi baka ka
sebele. Molaetsa ona o lebisitswe ho bona feela, le taba eo ke
tla e bua mona.
44
LENTSWE LE BUILWENG
282 Moruti ofe, yena, ya hae, eya, ke modisa wa mohlape
wa hae, a ke a etse seo a se batlang. Ho ho yena le Modimo.
Moprista ofe, moreri ofe, ho ho wena, moena wa ka.
283 Ke bua Jeffersonville mona feela, sebaka se le seng seo
nka buang taba ena hona teng, ke ka hoba e le mohlape waka
ka sebele. Ke mohlape oo Moya o Halalelang o mphileng
oona ho utlwisisa ho ba mookamedi wa wona, mme O tla
batla boikarabelo ho nna. Mme batho bana baka ke meya e
sokolotsweng e tswa ka makgalo wohle a naha, eo ke e isitseng
ho Kreste. Mme, lona bana, ke mona ho le thusa, mme ke
motswalle wa lona. Le ka nahana hore ke bua kgahlano le lona;
ke bolela taba ena, le a bona, molemong wa lona. Kea le rata.
Mme ha ho se jwalo, Modimo ke Moahlodi wa ka. Lea tseba
kea le rata.
284 Ke taba e thata e matla haholo, ke ne ke sa tsebe hore ke e
tlise jwang. Ke tla etsa’ng, hodima ke ena le banna le basadi ba
dutseng phuthehong ya ka, ba bang ba bona ba nyetse habedi
kapa hararo? Banna ba lokileng le basadi ba lokileng, ba
ferekane ka botlalo! Taba ee e bakilwe ke’ng? Thuto ya bohata,
ke yona, ka baka la ho se emele Morena.
285 “Se kopantsweng ke Modimo, ho se be motho ya se
arolang.” E seng se kopantsweng ke motho; seo “Modimo” a
se kopantseng mmoho! Ha o fumane tshenolo e totobetseng
e tswang ho Modimo, ke mosadi wa hao, mme hoo, ke wa
hao, bophelo bohle ba hao. Le a bona? Empa seo motho a se
kopanyang mmoho, motho mang kapa mang a ka se arohanya.
Empa se kopangwang ke Modimo mmoho, ho se be motho ya ka
itetang sefuba ho se ama. “Sohle seo Modimo a se kopanyang
mmoho,” O itse, “ho se be motho ya se arolang.” E seng seo
magistrata ya itseng a batla a tahilwe kapa ntho e sele e
se kopanyang mmoho, kapa moreri ya itseng ya weleng ka
sehlopha sa ditumelwana bukeng, ya ka ba dumellang ho etsa
ntho e nngwe le e nngwe lefatsheng, mme Lentswe la Modimo
le robetse mono hantle. Le a bona? Ke bua ka seo Modimo a se
kopantseng mmoho.
286 Jwale ke tla le bolella taba ena. Ke kelohloko haholo ka
seo ke le bolellang sona. Ha ke a ikemisetsa ho kgohlahala
ho lona batho ting. Ha kea ikemisetsa ho kgohlahala ho lona,
baena baka ba badisa. Ha kea ikemisetsa hono. Empa ke jere
boikarabelo, ke lemoha hobane taba ena e beilwe matsohong
a ka. Mme haeba^Nke ke ka E kwetla. Ha ke tsebe hore ke
E ntshe jwang, mme kea tseba hore lebanta lena le tla kgona.
Oho, kgidi, ke tla dula ke le malalaalaotswe, ofisi e a bulwa,
hoba ke ena e tla. Le a bona?
287 Jwalo feela kaha ho etsahetse ka Peo Ya Noha, empa e
pakilwe e le nnete e tiileng. Ke tshwere dipampiri hona mona
hantle, tse tswang pampiring, moo basadi hona jwale^mme
LENYALO LE HLALO
45
esita le—le boholong^Esita le mabatowa a mang a maholo
a dibishopo a tshwere ditshwantsho tsa sa mantlha, noha e
hahabang leotong la mosadi, le ka moo e ithatikang ka yena
feela; o kenwe ke ditshisimoho tsohle tsa mefuta le dintho, ntho
e nngwe eo monna a ke keng a mo thetsa ka yona, ka moronono
wona wa noha o ithatikang ka yena, le jwalo–jwalo. Ke nnete
ruri. Mme ho ntse ho mpefala ho mpefala, mme ho tla mpefala.
Noha, athe e ne e se yona, e ne e ke ke ya ba le kamano ya bong le
yena hola e ne e le noha, empa hopolang^
288 Nkile ka kena phehisanong tsatsi le leng le^e seng
phehisano, moruti feela wa Assembly of God, le ba mo tlatsang,
ha thwe, “O fositse, tabeng Eo.”
Ka re, “Be, mohlomong ke fositse. Ke batla hore lona le
mpolelle.”
289 Ebile o a bua, a tswela pele mme a qala a bua ka yona.
Ntho ya pele le a tseba, a itshophahanya. Mme ntho e nngwe
eo a e buileng, a re, “Moena Branham, lesika leo le kae?
Modimo o itse, ‘ya mofuta wa yona.’ Jwale lesika leo le kae
leo o itseng le pakeng tsa motho le sebata, leo mahlale a sa le
tholeng jwale? O kae?” Ho re, “Na le teng lefatsheng? Na e ne
e le shimpanse?”
290 “Tjhe, hoba madi a shimpanse a ke ke a tswakana le
mosadi, ha ho phoofolo e nngwe e ka tswakanang le yena.
Tjhe, a ke ke, le senna sa monna se ke ke sa tswakana le—le e
tshehadi. E ke ke ya etsahala.”
291 “Jwale ebe phoofolo eo ya hore’ng e kae? Jwale, Modimo o
itse, ‘Ntho e nngwe le e nngwe e hlahise se sa yona.’”
292 Ka ema motsotso feela. Mme mosa wa Moya o Halalelang
wa re, “Mmolelle, ‘Le teng mona.’”
Jwale, pele ka re, “Be, mohlomong le nyametse mme la
fela.”
A re, “Empa, Moena Branham, mono, re bua ka Lentswe,
ha ke re?”
293 Ka re, “E, monghadi.” Mme ka re, “Ka hobane, bao, ba re
dintho tse ding, tse kang didinosara le—le mamothe, le dintho
tse jwalo, dimamose, dimamose, ke rialo, di nyametse, le jwalo–
jwalo.” Ka re, “E ne e ka ba hono.”
294 A re, “Moena Branham, re bua ka bopaki ba Lentswe. Ha
sebe se le teng mona; jwale he, sebe sa mantlha, e loketse ho ba
teng mona le yona.”
295 Mme ka re, “Morena Jesu, O itse, ‘Le se nahane seo le tla
se bua ha le ema pela motho, hobane le tla se fuwa horeng eo.’
Morena, ke tla reng?” A re, “Mmolelle, ‘E teng mona.’” Jwalo
feela kaha ke bona dipono kalaneng.
296 Ka re, “E teng mona,” ke sa tsebe hokae.
46
LENTSWE LE BUILWENG
A re, “Hokae?”
Mme le pele nka nahana, A re, “Ke sepente.”
297 Ke sona seo e neng e le sona hantle, hoba ha e sa hlola e
le sebata. O ne a rohakwe mme a hahabiswa ka mpa matsatsi
wohle a bophelo ba hae. O teng mona. Na ho jwalo? [Phutheho
e re, “Amen.”—Mong.] Mme o sa ntse a tshwarane le ketsong eo
a e entseng, sebe seo se sebetsang hohle hodima mosadi se sa le
teng, jwaloka botona ba monna ka mokgwa oo. Ke hona moo
mosadi a fumanang maemo a hae a mahlo a lephekga le dintho,
mohla ditshisimoho tsa hae tse tlodisang ntho efe eo monna a
ka e etsang le ka mohla.
298 Ke tla emisa mono hoba re kahara mokgupi o kopaneng. Ke
tla nka banna ba mmalwa, ke tla^re tla e nka haholwanyane.
Ke tshwere dipampiri le dintho tsohle tse robetseng mona, hantle
letsohong la ka hantle hona jwale, mme ke ne ke tlilo le tlisetsa
tsona hoseng hona. Ke ne ke tlilo qeta letsheare lohle tabeng ena,
empa jwale ke tla kwala ka ho bolela sena.
299 Taba ena e ya kerekeng yaka feela. E seng kereke ya
ka^Mohlatswana o dumelang ho nna le ba ntatelang, taba
ena e ya ho bona.
300 Tsatsi le leng, erekaha ke tseba hore ha ke le jwetsa taba, e
tshwanetse ho tla e le HO RIALO MORENA, ke ne ke tshwere
Mangolo ha A ntshenolela yona. Empa, “Morena Modimo, nka
reng ho phutheho eo? Ke tla ba le dikarohana. Monna o tla be
a dutse mathuleng le ka ntle kahara seratswana, le hohle feela,
‘Na nka mo tlohela?’ Basadi, ‘Na nka tlohela monna wa ka?’
‘Ke tla etsa’ng?’” Ka re, “Morena, nka etsa’ng?”
301 Ntho ya re ho nna, “Nyolohela thabeng mane, mme Ke tla
bua le wena.”
302 Mme yare ke sa le hodimo thabeng, ke sa tsebe hore tlase
Tucson ba ne ba Le bona. Empa esita le mesuwe ya bitsa
bana ho tswa^ngwananyana wa ka a e–na le bona, ho tswa
phaposing ya sekolo, mme a re, “Shebang mane thabeng
yane! Ho na le Leru le lesehla le kang mollo le nyolohelang
hodimo sebakeng mme le boele le theohele fatshe, le ya hodimo
sebakeng mme le boele le ye fatshe.”
303 Mof. Evans, o teng moo? Ronnie o teng moo? Ke ile ka
theoha ke feta seteisheneng, mohlankanya enwa wa
karatjheng, karatjheng ya Evans mono. Mme le pele nka tseba
seo moshanyana a neng a tla se bua, a nkemisa tlekelele, a re,
“Moena Branham, o no o le hodima thaba eo mane, ha ke re?”
304 Ka re, “O bolela’ng, Ronnie? Tjhe,” le a bona, ho bona seo
a neng a tla se etsa. Ho hlaha dintho tse ngata, ha ke, ha o di
bolelle batho. E fetoha^Taba ya hono ke ena, o bona dintho tse
ngata hakana di etsahala, ebe e be tlwaelo ho wena. Le a bona?
Ke mpa feela ke sa bolelle batho. Ka re, “Ronnie, o ne o^”
LENYALO LE HLALO
47
305 A re, “Nka o bontsha moo o nong o le teng hantle.” A re,
“Ke ile ka bitsa mme, mme ra ema mona mme ra boha Leru leo
le lopaletseng hodimo mono, le ya hodimo le tlase. Ke ile ka re,
‘E loketse e be e le Moena Branham ya dutseng hodimo mono
kae–kae. Ke Modimo o bua le yena.’”
306 Mme motse wohle, batho, ba Le shebile. Tsatsing le hlakile
maru a le siyo kae kapa kae ho hang, mme Leruhadi lena le
lesehla le lopaletse mono; le theohela sebopehong sa fanele, le
boele le kgutle le phatlalle jwalo.
307 Metswalle, mme ke ntano kwala, le ka tloha nthong ena. Ke
ka yona nako eo ha ntho Ena e ne e senolelwa nna, eo ke tla le
bolella yona hona jwale, ka hona le se E fose.
308 Jwale ke bua le balatedi ba rona feela, ba latelang nna le
Molaetsa wona feela, e seng ba ka ntle. Le mpakele taba ena
pela Modimo. Ho sehlopha sena feela!
309 Jwale re fumanwa re le hara ditshila tsena ka baka la
thutabomodimo e tolokilweng ka phoso. Na ho jwalo? Ke ka
hona lona basadi ting le nyetsweng habedi, le lona banna, ka
baka la thutabomodimo e tolokilweng ka phoso. Jwale ke batla
ho le bontsha ntho eo A mpoleletseng yona.
310 Mme ha eba Modimo, Mmopi wa rona, a botsitswe potso
mohla A ne a le lefatsheng mona, Jesu Kreste; le mohla
moporofeta wa Hae ya lokollang a na hlaha, Moshe, tlase
Egepeta, ho ntsha bana mono—mono Egepeta, ho ba kenya
lefatsheng la pallo; mme Jesu o boletse mona hore Moshe o
bone batho ba le maemong ana, mme a ba nea lengolo la hlalo,
kahobane ditaba di ne di le jwalo. Moshe a fumana jwalo, jwale
ka, “A ba fe^” Modimo wa dumella Moshe, moporofeta eo ya
rometsweng bathong, ho ba neela lengolo lena la hlalo.
311 Mme ho Bakorinthe ba Pele, e—e kgaolo ya 7, temana ya
12 le ya 15, ho moporofeta wa Testamente e Ntjha, Pauluse, ya
kopaneng le ntho e tshwanang kerekeng, mme a bolela taba
ena, “Mona ke nna, e seng Morena.” Na ho jwalo? Ka baka la
maemo a hlalo.
312 “Tshimolohong ho ne ho se jwalo.” Empa Moshe a
dumellwa hona, mme Modimo wa bona hobane ho molemo.
Mme Pauluse le yena a fuwa tokelo, mohla a neng a fumana
kereke ya hae e le maemong ao.
313 Jwale le dumele hore taba Ena ke nnete, mme le dumele
hore E tswa ho Modimo! Mme ka netefatso ya Leru la Hae le
Molaetsa wa Hae o ntshikileng ho fihla mona, ana Modimo
hodima thaba o n’a ke ke a ntumella ho etsa ntho e tshwanang,
ho le dumella ho itsamaela le le jwalo, mme le se hlole le e etsa
hape! Tsamayang le basadi ba lona mme le phele ka kgotso,
hoba hora e se e phirimile. Ho Tla ha Morena ho haufi. Ha re na
nako ya ho pshatla dintho tsena. Le se leke la e etsa hape! Ke
48
LENTSWE LE BUILWENG
bua le phutheho yaka feela. Empa ha o nyetse^Mme Modimo
o mpaketse taba eo, hodimo thabeng, hore nka bua taba Ena,
tshenolo e mohlolo–hlolo, ka baka la manollo ya Ditiiso tse
Supileng, mme ena ke potso e ka hara Lentswe la Modimo. “Ere
ba itsamaele ba le jwalo, mme ba se hlole ba etsa sebe hape!”
314 “Tshimolohong ho no ho se jwalo.” Ho jwalo, ho no ho se
jwalo, mme ho ke ke ha ba jwalo qetellong. Empa tlasa maemo
a mehla ya kajeno, jwale ka mohlanka wa Modimo^Nke
ke ka ipitsa moporofeta wa Hae; empa ke dumela hore
mohlomong, ha ke sa romellwa hono, ke ntse ke haha motheo
wa hae mohla a tlang ruri. Ka baka leo tlasa maemo a mehla
ya jwale, ke o laela ho ya lapeng la hao, le mosadi wa hao
jwale. Ha o thabile le yena, phela le yena, hodisetsa bana ba
hao tshabong ya Modimo. Empa Modimo a o hauhele ha o ka
phetha wa etsa hoo hape! Le rute bana ba lona hore ba se etse
ntho e kang eo, ba hodisetseng tshabong ya Modimo. Mme
jwale erekaha le dutse kamoo le leng kateng, a re yeng jwale,
horeng ena e phirimileng ya mantsiboya eo re phelang ho yona,
mme “o hahamalle pheong e hodimo eo re e biletswang ho
Kreste,” moo dintho tsohle di tla etswa.
315 Ho fihlela ke le bona phirimaneng ena, Morena Modimo a
le hlohonolofatse, re sa rapela.
316 Morena Modimo, re lebisa diteboho ho Wena. Re a O
boka. E sa le Wena Jehova e moholo ya dumeletseng Moshe.
Moshe, mohlanka eo, mme o n’a ka reng bathong ba habo?
Mme, Modimo, O ile wa mo dumella ho ntsha lengolo la hlalo.
Pauluse, moapostola e moholo eo e neng e le mongodi wa
Testamente e Ntjha, jwaleka ha Moshe e ne e le wa ya Kgale.
Moshe o ngotse Melao le lekgathe la melao. Baporofeta ba
bangata, mantswe a bona a kentswe ho Yona, empa Moshe o
ngotse Melao. Mme O mo dumeletse ka lengolo, ho ba ngolla
lengolo la hlalo, ka baka la bothata ba pelo tsa bona.
317 Mohalaledi Pauluse e moholo, ka ho ba mongodi wa
Testamente e Ntjha, le yena o ne a ka omela jwalo, ho re, “Ke
bua tlasa maemo ana; nna, e seng Morena.”
318 Ho jwalo le kajeno, Morena Modimo, pheletsong ya lefatshe,
re sa le mona tlasa mohau wa Modimo, tsebong ya hore hang–
hang re tla arabela ka pela Sefahleho sa Hae. Mme erekaha
O entse tse ngata hakana, Morena, ke kgodisehile, mahlong a
batho bana, hore ba tla itshwarella tabeng Ena jwaleka hoja E
tswa ho Wena. Le ho paka mona kajeno, ka batho ba bangata
ba dutseng mona ba boneng Pontsho eo hodima thaba le hona,
moo Mangeloi a Morena a tlileng ka setsokotsane, moo e tlileng
ka Mangeloi a supileng, moo tshenolo ya Diphiri tse Supileng
e phuthulotsweng teng; le lona Lengeloi leo, nqeng yona eo,
hodima yona thaba eo, ka lona tsatsi leo taba Ena e neng e
senolwa!
LENYALO LE HLALO
49
319 Modimo, ke rapela hore batho ba tle ba ye hae ba tletse
teboho haele moo Modimo o ba file mohau ona. Ke mpa ke
E buile feela, Morena, ka tumello. Mme ke E bua ka tumello
feela, Morena. Mme batho ba be motlotlo hona hoo ba sa
tlo leka ho etsa sebe seo hape! Mme ba se leke ho etsa sebe
sefe feela, empa ho O rata ka dipelo tsohle tsa bona. Morena,
thabisa malapa ana, mme ba ke ba hole mme ba hodisetse bana
ba bona tshabong ya Modimo.
320 Hoba, Molaetsa wa ka o neng o dutse pelong yaka o rerilwe,
Morena. Ke entse tsohle kamoo ke tsebang ho di etsa. Mme
e se e le dibeke Satane a ntwantsha, le dihora ke sa robale.
Empa jwale ke a O laeletsa, Morena, bathong bana, ba tle
ba O badisise, le ho tsamaya ho phelela Wena. Fana ka sena,
Morena. O tlohile mahetleng a ka jwale. Ba matsohong a Hao.
Ke rapela hore O tle o ba hlohonolofatse.
321 Hlohonolofatsa disakatuku tsena, Morena, tse sa tswa
behwa mona, bakeng sa bakudi le ba mahlomoleng. Bosiu
bona e be bo bong ba a maholo, masiu a matla, moo batho
bohle ba tla fodiswa. Fana ka sena, Morena. Re hlohonolofatse
mmoho.
322 Re ke re ikele ka kgotso, re thabile re nyakaletse,
hoba Modimo wa dihlodilweng o re bontshitse “ho tloha
tshimolohong,” mme o re otlolletse, hara ditshila tsa rona
tseo re leng ho tsona, mohau wa Wona hape, matsatsing ana
a qetelo. O Modimo o Moholo homme Modimo Rabosafeleng,
re O leboha hakakang ka hona! Mme dipelo tsa rona di ke di
thabe hakana, hoo re sa tlo hlola re eba le takatso ya ho O
sitelwa. Lebitsong la Jesu. Amen.
Ke a Mo rata, (hobane’ng le ke ke la Mo rata?)
Ke a Mo rata
Hoba A nthatile pele
O lefeletse pholoso ya ka
Fateng sa Kalvari^
323 Ke e bua jwale hore baruti ba tle ba utlwisise. Taba ena e
ya ho bao ba latelang Molaetsa ona feela!
324 Oh, le thabile na? [Phutheho e re, “Amen.”—Mong.] Ke
le boleletse Nnete, HO RIALO MORENA, ho haola jwalo!
[“Amen!”]
325 Jwale ha re emeng re phahamise matsoho a rona, re sa e
bina hape, “Kea Mo rata.” Ke Mo ratela mohau wa Hae. Ke
Mo ratela lereko la Hae. Ke Mo ratela Lentswe la Hae. “Mme
Lentswe la Morena le tlile ho baporofeta!”
Ke a Mo rata.
Tloo, Moena. [Moena Branham o re motho e mong a tl’o
qhalanya phutheho ho ikela—Mong.]
`
326
L ENYA L O L E HLA L O
SST65-0221M
-ARRIAGE!ND$IVORCE
Molaetsa wona, ka Moena William Marrion Branham, o rerilwe sethatong ka
Senyesemane hoseng a Sontaha, Hlakola 21, 1965, mane odotoriamong ya Sekolo
se Phamameng sa Parkview, Jeffersonville, Indiana, U.S.A., o ntshitswe kgatisong
ya teipi ya makenete mme o ngotswe o sa kgaolwa ka Senyesemane. Petolelo ena
ya Sesotho sa Borwa e ngotswe mme e abjwa ke ba Voice Of God Recordings.
3/54(3/4(/
€6'2!,,2)'(432%3%26%$
VOICE OF GOD RECORDINGS, SOUTH AFRICA OFFICE
P.O. BOX 178, SOMERSET WEST, 7129 CAPE PROVINCE
REPUBLIC OF SOUTH AFRICA
VOICE OF GOD RECORDINGS
P.O. BOX 950, JEFFERSONVILLE, INDIANA 47131 U.S.A.
www.branham.org
Temoso Ea Tokelo Ea Qopitso
Litokelo tsohle li babaletsoe. Buka ena e ka porintoa ka
porintara ea lelapa molemong oa motho eo kapa ea abjoa,
ntle ho tefiso, e le thepa e jalang Evangeli ea Jesu Kreste.
Buka ena e ke ke ea rekisoa, ea boela ea hlahisoa ka bongata,
ea manehoa leboteng la website, ea bolokoa ka tsela eo e ka
boelang ea ntšoa, ea fetoleloa ka lipuo lisele, kapa ea sebelisoa
ho qela matlole ntle le tumello e ngotsoeng ea Voice Of God
Recordings®.
Ho fuoa boitsebiso bo bong kapa bakeng sa thepa e nngoe e ka
fumanoang, ka kopo ikopanye le:
VOICE OF GOD R ECORDI NGS
P.O. BOX 950, JEFFERSONVILLE, I NDIANA 47131 U.S.A.
www.branham.org